Lipesaleme 63:1-11
Pina ea thoriso ea Davida, ha a ne a le lefeelleng la Juda.+
63 Molimo, u Molimo oa ka, ke lula ke u batla.+Moea oa ka o u nyoretsoe.+Nama ea ka e tepelelitsoe ke ho u hloloheloaNaheng e omeletseng le e phophothehileng, moo ho se nang metsi.+
2 Ke u bone ka tsela ena sebakeng se halalelang,+Ha ke bona matla a hao le khanya ea hao.+
3 Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo ho feta bophelo,+Molomo oa ka o tla u babatsa.+
4 Ka hona ke tla u boka ha ke sa ntse ke phela;+Ke tla phahamisa liatla tsa ka ka lebitso la hao.+
5 Moea oa ka o khotsofetse, joalokaha eka o khotsofalitsoe ke karolo e ntlehali, esita le ke monono,+Molomo oa ka o fana ka thoriso ka molomo oa mehoo ea thabo.+
6 Ha ke u hopotse liphateng tsa ka,+Ke thuisa ka uena nakong ea litebelo tsa bosiu.+
7 Etsoe u ile ua nthusa,+Ke hoeletsa ka thabo moriting oa mapheo a hao.+
8 Moea oa ka o u latetse haufi-ufi;+Letsoho la hao le letona le lutse le ntšoere ka tieo.+
9 Ha e le ba ntseng ba batla moea oa ka hore o timele,+Ba tla kena likarolong tse tlaase-tlaase tsa lefatše.+
10 Ho tla nehelanoa ka bona matleng a sabole;+Ba tla fetoha kabelo ea liphokojoe.+
11 Morena o tla ithabela ho Molimo.+E mong le e mong ea hlapanyang ka eena o tla ithorisa,+Etsoe melomo ea ba buang leshano e tla koaloa.+