Lipesaleme 62:1-12
Ho motsamaisi oa Jeduthune. Pina ea thoriso ea Davida.
62 Ka sebele moea oa ka o letetse Molimo ka khutso.+Poloko ea ka e tsoa ho eena.+
2 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+Nke ke ka therekelisoa haholo.+
3 Le tla tsoela pele ka ho tlala pherekano halelele hakae khahlanong le motho eo le tlang ho mo bolaea?+Kaofela ha lōna le tšoana le lerako le sekameng, lerako la majoe le ntseng le sutumetsoa.+
4 Ka sebele ba fana ka keletso e le hore ba ka hoka-hoka motho ho mo tlosa seriti;+Ba khahlisoa ke leshano.+Ka melomo ea bona baa hlohonolofatsa, empa ka hare ho bona baa rohaka.+ Selah.
5 Moea oa ka, u letele Molimo ka khutso,+Hobane tšepo ea ka e tsoa ho eena.+
6 Ka sebele ke eena lefika la ka le poloko ea ka, sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso;+Nke ke ka therekelisoa.+
7 Poloko ea ka le khanya ea ka li ho Molimo.+Lefika la ka le matla, setšabelo sa ka se ho Molimo.+
8 Mo tšepeng ka linako tsohle.+Tšollelang lipelo tsa lōna ka pel’a hae.+Molimo ke setšabelo sa rōna.+ Selah.
9 Ka sebele bara ba motho oa lefatše ke pululo,+Bara ba moloko oa batho ke leshano.+Ha ba behoa sekaleng kaofela ha bona hammoho ba bobebe ho feta pululo.+
10 Le se ke la tšepa bolotsana,+Kapa la ikakasa tlatlapong e totobetseng.+Haeba mokhoa oa ho iphelisa o ka atleha, le se ke la beha lipelo tsa lōna ho oona.+
11 Molimo o buile hang, ke utloile sena habeli,+Hore matla ke a Molimo.+
12 Le mosa o lerato ke oa hao, Jehova,+Etsoe u buseletsa e mong le e mong ho ea ka mosebetsi oa hae.+