Lipesaleme 59:1-17
Ho motsamaisi. “U se ke ua senya.” Ea Davida. Miktame. Ha Saule a romelelitse hore a bolaoe, ’me ba ntse ba lebetse ntlo.+
59 Ntopolle ho lira tsa ka, Molimo oa ka;+E se eka u ka ntšireletsa ho ba ntsohelang matla.+
2 Ntopolle ho ba tloaetseng ho etsa se kotsi,+U mpholose ho batho ba molato oa mali.
3 Etsoe, bona! ba laletse moea oa ka;+Ba matla baa ntlhasela,+Ho se bofetoheli ho ’na, kapa sebe sefe kapa sefe ho ’na, Jehova.+
4 Le hoja ho se na phoso, baa matha ’me baa itokisa.+Tsoha ha ke hooa ’me u bone.+
5 Jehova Molimo oa mabotho, u Molimo oa Iseraele.+U tsohe hore u lebise tlhokomelo ea hao lichabeng tsohle.+U se ke ua bontša mohau ho mahlabaphio leha e le afe a kotsi.+ Selah.
6 Ba ntse ba khutla ka shoalane;+Ba ntse ba bohola joaloka ntja+ ’me ba pota motse ka hohle.+
7 Bona! Ba bua ba sa khaotse ka melomo ea bona;+Lisabole li melomong ea bona,+Etsoe ke mang ea mametseng?+
8 Empa, Jehova, u tla ba tšeha;+U tla fetola lichaba tsohle litšeho.+
9 Uena Matla a ka, ke tla lula ke u talimile;+Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso.+
10 Molimo oa mosa o lerato ho ’na o tla nkhahlanyetsa;+Molimo o tla etsa hore ke talime lira tsa ka.+
11 U se ke ua li bolaea, e le hore batho ba heso ba se ke ba lebala.+Ka mafolofolo a hao u etse hore li lelere,+U li theole, Uena thebe ea rōna Jehova,+
12 Ka lebaka la sebe sa melomo ea tsona, lentsoe la melomo ea tsona;+E se eka li ka tšoaseha boikakasong ba tsona,+Esita le ka lebaka la thohako le thetso eo li itlhakisetsang eona.
13 Li felise ka khalefo;+Li felise, e le hore li se ke tsa e-ba teng;E se eka li ka tseba hore Molimo o busa Jakobo ho isa lipheletsong tsa lefatše.+ Selah.
14 Li ke li khutle ka shoalane;Li bohole joaloka ntja ’me li pote motse ka hohle.+
15 Li ke li lelere li batle se jeoang;+Li se ke tsa khora kapa tsa hlola bosiu.+
16 Empa ha e le ’na, ke tla bina ka matla a hao,+Hoseng ka thabo ke tla bolela mosa oa hao o lerato.+Etsoe u bile sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na+Le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola a ka.+
17 Uena Matla a ka, ke tla u binela lipina tsa thoriso,+Etsoe Molimo ke sebaka sa ka se phahameng sa tšireletso, Molimo oa mosa o lerato ho ’na.+