Lipesaleme 5:1-12
Ho motsamaisi oa Nehilothe. Pina ea thoriso ea Davida.
5 Jehova, u mamele+ lipolelo tsa ka;U utloisise ho feheloa ha ka.
2 U ele hloko molumo oa mohoo oa ka o kōpang thuso,+Morena+ oa ka le Molimo oa ka, hobane kea u rapela.+
3 Jehova, u tla utloa lentsoe la ka hoseng;+Ke tla bua le uena hoseng ’me ke lebele.+
4 Etsoe ha u Molimo ea thabelang bokhopo;+Ha ho le ea mong e mobe ea ka lulang le uena ka nako leha e le efe.+
5 Ha ho baithorisi ba ka emang ka pel’a mahlo a hao.+U hloile bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi;+
6 U tla timetsa ba buang leshano.+Jehova o hloile motho ea tšollang mali+ le ea thetsang.+
7 Ha e le ’na, ka mosa oa hao o lerato o mongata+Ke tla kena ka tlung+ ea hao,Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao ka ho u tšaba.+
8 Jehova, u ntsamaise ho lokeng+ ha hao ka lebaka la lira tsa ka;+Batalatsa tsela ea hao ka pel’a ka.+
9 Etsoe melomong ea bona ha ho letho le tšepahalang;+Litho tsa bona tse ka hare ke tsietsi.+’Metso ea bona ke sebaka sa lepato se bulehileng;+Ba sebelisa leleme le qhekellang.+
10 Ka sebele Molimo o tla ba nka ba le molato;+Ba tla oa ka lebaka la merero ea bona.+Ba ke ba qhalakanngoe litlōlong tsa bona tse ngata haholo,+Hobane ba u fetohetse.+
11 Empa bohle ba tšabelang ho uena ba tla thaba;+Ba tla hoeletsa ka thabo+ ho isa nakong e sa lekanyetsoang.U tla thibela hore ba se ke ba atameloa,Ba ratang lebitso la hao ba tla thaba ka lebaka la hao.+
12 Etsoe, Jehova, u tla hlohonolofatsa mang kapa mang ea lokileng;+Joalokaha eka ke ka thebe e khōlō,+ u tla ba lika-liketsa ka kamohelo.+