Lipesaleme 36:1-12
Ho motsamaisi. Ea mohlanka oa Jehova, Davida.
36 Ho bolela tlōlo ho ea khopo ho ka pelong ea hae;+Ho tšaba Molimo ha ho eo ka pel’a mahlo a hae.+
2 Etsoe o itšoere ka mokhoa o qhekellang haholo mahlong a hae+Hoo a sa fumaneng phoso ea hae e le hore a e hloee.+
3 Mantsoe a molomo oa hae ke bobe le thetso;+O tlohetse ho ba le temohisiso ea ho etsa se molemo.+
4 O ntse a rera se kotsi holim’a bethe ea hae.+O ema tseleng e seng ntle.+Ha a lahle se sebe.+
5 Jehova, mosa oa hao o lerato o maholimong;+Botšepehi ba hao bo fihla marung.+
6 Ho loka ha hao ho joaloka lithaba tsa Molimo;+Qeto ea hao ea boahloli ke boliba bo boholo.+Jehova, u pholosa motho le phoofolo.+
7 Mosa oa hao o lerato ke oa bohlokoa hakaakang, Molimo!+Bara ba batho ba tšabela moriting oa mapheo a hao.+
8 Ba noa hore ba be ba kholoe mononong oa ntlo ea hao;+U etsa hore ba noe molapong o phoroselang oa monyaka oa hao.+
9 Etsoe mohloli oa bophelo o ho uena;+Ka leseli le tsoang ho uena re ka bona leseli.+
10 Ntšetsa pele mosa oa hao o lerato ho ba u tsebang,+Le ho loka ha hao ho ba lipelo li lokileng.+
11 E se eka leoto la boikhohomoso le ke ke la tla khahlanong le ’na;+Ha e le matsoho a batho ba khopo, a se ke a nketsa moleleri.+
12 Ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba oetse teng;+Ba sutumelelitsoe fatše ’me ha baa khona ho ema.+