Lipesaleme 35:1-28
Ea Davida.
35 Jehova, u tsamaise nyeoe ea ka khahlanong le bahanyetsi ba ka;+U loantše ba ntoantšang.+
2 Tšoara thebe e nyenyane le thebe e khōlō,+U eme hore u nthuse,+
3 U tsomule lerumo le selepe se rathang ka nģa tse peli ho khahlanyetsa ba ntelekisang.+E-re ho moea oa ka: “Ke ’na poloko ea hao.”+
4 E se eka ba tsomang moea oa ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba kokobetsoe.+E se eka ba ntherelang tlokotsi ba ka khutlisoa ’me ba soaba.+
5 E se eka ba ka ba joaloka ’mōkō o fefoloang ke moea,+Lengeloi la Jehova le ba sututse.+
6 Tsela ea bona e ke e fetohe lefifi le libaka tse thellang,+Lengeloi la Jehova le ke le ba lelekise.
7 Etsoe ntle ho lebaka ba mpatetse sekoti sa bona se koahetsoeng ka letlooa;+Ba se cheketse moea oa ka ntle ho lebaka.+
8 Tšenyeho e ke e mo oele holimo a sa tsebe,+Letlooa la hae leo a le patileng le ke le mo tšoase;+A oele ka ho sona ’me a timele.+
9 Empa moea oa ka o ke o thabe ka lebaka la Jehova;+O ke o thabe ka lebaka la poloko ea hae.+
10 Masapo ’ohle a ka a ke a re:+“Jehova, ke mang ea joaloka uena,+Ea lopollang ea hlorileng ho ea matla ho mo feta,+Le ea lopollang ea hlorileng le ea futsanehileng ho ea mo tlatlapang?”+
11 Lipaki tse mabifi lia ema;+Li mpotsa seo ke sa kang ka se tseba.+
12 Li mputsa ka bobe bakeng sa botle,+Tahlehelo moeeng oa ka.+
13 Ha e le ’na, ha li kula, liaparo tsa ka e ne e le lesela la mokotla,+Ke ile ka hlorisa moea oa ka ka ho itima lijo,+Thapelo ea ka e ne e khutlela sefubeng sa ka.+
14 Joalokaha eka ke bakeng sa motsoalle, joalokaha eka ke bakeng sa mor’eso,+Ke ile ka tsamaea joaloka ea siamelang ’m’ae.+Ke ile ka inama ke hlomohile.
15 Empa li ile tsa thaba ’me tsa bokana ka lebaka la ho hlotsa ha ka;+Tsa bokana khahlanong le ’na,+Tsa nkotla le hoja ke ne ke sa tsebe;+Li ile tsa ntsekolla likoto ’me tsa se ke tsa khutsa.+
16 Har’a basomi ba bakoenehi bakeng sa bohobe+Ba ne ba ntsikitlanyetsa meno.+
17 Jehova, u tla ’ne u ho bone halelele hakae?+Khutlisa moea oa ka thipitlong ea bona,+Oo e leng oona feela oa ka+ litaoaneng tse moetse.
18 Ke tla u roka phuthehong e khōlō;+Ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.+
19 E se eka bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka ba ke ke ba thaba ka lebaka la ka;+Ha e le ba ntlhoileng ntle ho lebaka, ba se ke ba roba leihlo.+
20 Etsoe ha ba bue khotso;+Empa ba ntse ba rera lintho tsa thetsoKhahlanong le ba khutsitseng ba lefatše.+
21 Ba nkahlamisetsa melomo.+Ba itse: “Eke! Eke! mahlo a rōna a ho bone.”+
22 Jehova, u bone.+ U se ke ua khutsa.+Jehova, u se ke ua lulella hōle le ’na.+
23 Tsoha ’me u falimehele kahlolo ea ka,+Molimo oa ka, Jehova, u falimehele nyeoe ea ka.+
24 Nkahlole ho ea ka ho loka ha hao, Jehova Molimo oa ka,+E se eka ba ke ke ba thaba ka lebaka la ka.+
25 E se eka ba ke ke ba re ka lipelong tsa bona: “Eke! meea ea rōna!”+E se eka ba ke ke ba re: “Re mo metsitse.”+
26 Ba thabelang tlokotsi ea ka+Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe hammoho.+Ba ikhohomosetsang ’na+ ba ke ba apare lihlong+ le ho kokobetsoa.
27 Ba thabelang ho loka ha ka ba hoeletse ka thabo ’me ba nyakalle,+Ba re kamehla:+“Jehova a ke a tlotlisoe, ea thabelang khotso ea mohlanka oa hae.”+
28 Leleme la ka le bolele ho loka ha hao ka lentsoe le tlaase,+Le bolele thoriso ea hao letsatsi lohle.+