Lipesaleme 31:1-24
Ho motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
31 Ke tšabetse ho uena, Jehova.+E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.+U mpholose ka ho loka ha hao.+
2 Ntšekehele tsebe.+Ntopolle ka potlako.+E-ba qhobosheane ea majoe ho ’na,+Ntlo ea liqhobosheane ho mpholosa.+
3 Etsoe u lefika la ka le qhobosheane ea ka;+Ka lebaka la lebitso+ la hao u tla nketella pele ’me u ntsamaise.+
4 U tla ’ntša letlooeng leo ba mpatetseng lona,+Kaha u qhobosheane ea ka.+
5 Ke beha moea oa ka letsohong la hao.+U ntopolotse,+ Jehova Molimo oa ’nete.+
6 Ke hloile ba elang hloko litšoantšo tse rapeloang tse se nang thuso, tsa lefeela;+Empa ha e le ’na, ke tšepa Jehova.+
7 Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato,+Ka hore ebe u bone mahloreho a ka;+U tsebile ka mahlomola a moea oa ka,+
8 Ha ua nehelana ka ’na letsohong la sera.+U emisitse maoto a ka sebakeng se seholo.+
9 Mpontše mohau, Jehova, etsoe ke mahlomoleng.+Leihlo la ka le tepelelitsoe ke matšoenyeho,+ moea oa ka le mpa ea ka.+
10 Etsoe bophelo ba ka bo felisitsoe ke mesarelo,+Le lilemo tsa ka li felisitsoe ke ho feheloa.+Ka lebaka la phoso ea ka matla a ka a khopiloe,+Masapo a ka a tepeletse.+
11 Ponong ea bohle ba bontšang bora ho ’na+ ke fetohile nyeliso,+Ho baahelani ba ka ke fetohile nyeliso e khōlō,+Le ntho e tšosang ho ba ntloaetseng.+Ha ba mpona ka ntle, ba mpalehile.+
12 Joaloka motho ea shoeleng le ea sieo ka pelong, ke lebetsoe;+Ke fetohile ea joaloka sejana se senyehileng;+
13 Etsoe ke utloile tlaleho e mpe ka ba bangata,+Tšabo e le ka mahlakoreng ’ohle.+Ha ba khobokana hammoho e le ntho e le ’ngoe khahlanong le ’na,+Ba rera ho tlosa moea oa ka.+
14 Empa ’na—ke tšepile uena, Jehova.+Ke itse: “U Molimo oa ka.”+
15 Linako tsa ka li letsohong la hao.+Ntopolle matsohong a lira tsa ka le ho ba ntelekisang.+
16 U etse hore sefahleho sa hao se khanyetse mohlanka oa hao.+Mpholose ka mosa oa hao o lerato.+
17 Jehova, e se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong, etsoe ke ipilelitse ho uena.+E se eka ba khopo ba ka hlajoa ke lihlong;+E se eka ba ka khutsa Sheole.+
18 E se eka melomo ea bohata e ka hloka puo,+E buang khahlanong le ea lokileng,+ ka ho hloka boithibo ka boikhohomoso le nyeliso.+
19 Molemo oa hao o mongata hakaakang,+ oo u o boloketseng ba u tšabang!+Oo u o fileng ba tšabelang ho uena,Ka pel’a bara ba batho.+
20 U tla ba pata sebakeng sa hao se ka sephiring+U ba patele batho ba kopaneng hammoho.+Ka lephepheng la hao u tla ba patela maleme a qabanang.+
21 Ho bokoe Jehova,+Etsoe o mphile mosa o lerato o hlollang+ motseng o tlas’a khatello.+
22 Ha e le ’na, ke ile ka re ha ke tšohile:+“Ka sebele ke tla felisoa ka pel’a mahlo a hao.”+Ka sebele u utloile lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng ha ke hoeletsa ho uena ho kōpa thuso.+
23 Ratang Jehova, lōna bohle ba tšepahalang ba hae.+Jehova o sireletsa ba tšepahalang,+Empa o putsa ka mokhoa o fetisisang mang kapa mang ea bonahatsang boikhohomoso.+
24 E-bang sebete, ’me e se eka lipelo tsa lōna li ka ba matla,+Lōna bohle ba letetseng Jehova.+