Lipesaleme 30:1-12
Pina ea thoriso. Pina ea khakolo ea ntlo.+ Ea Davida.
30 Ke tla u phahamisa, Jehova, kaha u nkhutse+Ha ua lumella lira tsa ka hore li thabe ka lebaka la ka.+
2 Jehova Molimo oa ka, ke ile ka hoeletsa ho uena ho kōpa thuso, ’me ua mpholisa.+
3 Jehova, u nyolotse moea oa ka Sheole;+U mpolokile ke phela, hore ke se ke ka theohela ka sekoting.+
4 Binelang Jehova lipina tsa thoriso, Lōna ba tšepahalang ba hae,+Lebohang sehopotso sa hae se halalelang;+
5 Hobane ho ba tlas’a bohale ba hae ke ha motsotsoana,+Ho ba tlas’a kamohelo ea hae ke ha bophelo bohle.+Ka shoalane ho lla ho ka ’na ha e-ba teng,+ empa hoseng ho ba le mohoo oa thabo.+
6 Ha e le ’na, ke itse boiketlong ba ka:+“Le ka mohla nke ke ka therekelisoa.”+
7 Jehova, ka kamohelo ea hao u entse hore thaba ea ka e eme ka matla.+U ile ua pata sefahleho sa hao; ka ferekana.+
8 Jehova, ke ile ka ’na ka hoeletsa ho uena;+Ka ’na ka etsa kōpo e tiileng ho Jehova bakeng sa mohau.+
9 Ho na le molemo ofe maling a ka ha ke theohela sekoting?+Na lerōle le tla u roka?+ Na le tla bolela ’nete ea hao?+
10 Utloa, Jehova, ’me u mpontše mohau.+Jehova, u be mothusi oa ka.+
11 U fetotse ho siama ha ka hore e be motjeko bakeng sa ka;+U lokolotse lesela la ka la mokotla, ’me u mpoloka ke tlamiloe ka ho thaba,+
12 E le hore khanya ea ka e ka u binela lipina tsa thoriso ’me e se ke ea khutsa.+Jehova Molimo oa ka, ke tla u roka ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+