Lipesaleme 25:1-22
Ea Davida.
א [ʼAleph]
25 Jehova, ke phahamisetsa moea oa ka ho uena.+
ב [Behth]
2 Molimo oa ka, ke u tšepile;+E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.E se eka lira tsa ka li ke ke tsa thaba ka lebaka la ka.+
ג [Gimel]
3 Hape, ha ho le ea mong oa ba u tšepileng ea tla hlajoa ke lihlong.+Ba sebetsang ka bolotsana ntle ho katleho ba tla hlajoa ke lihlong.+
ד [Daleth]
4 Ntsebise litsela tsa hao, Jehova;+Nthute litsela tsa hao.+
ה [Heʼ]
5 Ntsamaise ’neteng ea hao ’me u nthute,+Etsoe u Molimo oa ka oa poloko.+ה [Waw]Ke tšepile uena letsatsi lohle.+
ו [Zayin]
6 Hopola mehauhelo ea hao,+ Jehova, le mosa oa hao o lerato,+Etsoe li teng ho tloha nakong e sa lekanyetsoang.+
ח [Chehth]
7 U se ke ua hopola libe tsa bocha ba ka le bofetoheli ba ka.+Nkhopole ho ea ka mosa oa hao o lerato,+Ka lebaka la molemo oa hao, Jehova.+
ט [Tehth]
8 Jehova o molemo ’me o lokile.+Ke ka lebaka leo a rupelang baetsalibe tseleng.+
י [Yohdh]
9 O tla etsa hore ba bonolo ba tsamaee qetong ea hae ea boahloli,+O tla ruta ba bonolo tsela ea hae.+
כ [Kaph]
10 Litsela tsohle tsa Jehova ke mosa o lerato le ’neteHo ba bolokang selekane+ sa hae le likhopotso+ tsa hae.
ל [Lamedh]
11 Ka lebaka la lebitso la hao, Jehova,+U tšoarele phoso ea ka, kaha e khōlō.+
מ [Mem]
12 Joale, ke mang motho ea tšabang Jehova?+O tla mo rupela ka tsela eo a tlang ho e khetha.+
נ [Nun]
13 Moea oa hae o tla lula ho se molemo,+Bana ba hae ba tla rua lefatše.+
ס [Samekh]
14 Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang,+Le selekane sa hae, e le ho etsa hore ba se tsebe.+
ע [ʽAyin]
15 Mahlo a ka a ho Jehova kamehla,+Etsoe ke eena ea ntšang maoto a ka letlooeng.+
פ [Peʼ]
16 Retelletsa sefahleho sa hao ho ’na, ’me u mpontše mohau;+Etsoe ke ’notši ’me ke hlorile.+
צ [Tsadheh]
17 Mahlomola a pelo ea ka a atile;+U ’ntše likhatellong tse holim’a ka.+
ר [Rehsh]
18 Bona mahloreho a ka le khathatso ea ka,+U tšoarele libe tsohle tsa ka.+
19 Bona kamoo lira tsa ka li ngatafetseng kateng,+Li ntlhoile ka lehloeo le mabifi.+
ש [Shin]
20 U lebele moea oa ka ’me u ntopolle.+E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong, etsoe ke tšabetse ho uena.+
ת [Taw]
21 Botšepehi le ho loka li ntšireletse,+Etsoe ke tšepile uena.+
22 Molimo, u lopolle Iseraele mahlomoleng ’ohle a eona.+