Lipesaleme 24:1-10
Ea Davida. Pina ea thoriso.
24 Lefatše ke la Jehova le se tletseng ho lona,+Naha e behang le ba lulang ho eona.+
2 Etsoe o le thehile ka mokhoa o tiileng holim’a maoatle,+O le boloka le tiisitsoe ka thata holim’a linōka.+
3 Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova,+Ke mang ea ka phahamang sebakeng sa hae se halalelang?+
4 Mang kapa mang eo matsoho a hae a hlokang molato le eo pelo ea hae e hloekileng,+Ea sa nkang moea oa Ka e le o se nang thuso ka ho feletseng,+Kapa a nka kano ka thetso.+
5 O tla nka tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova+Le ho loka ho Molimo oa hae oa poloko.+
6 Ona ke moloko oa ba mo batlang,Oa ba batlang sefahleho sa hao, [Molimo oa] Jakobo.+ Selah.
7 “Phahamisang lihlooho, Lōna liheke,+Le eme, Lōna menyako e tšoarellang halelele,+E le hore Morena ea khanyang a ka kena!”+
8 “Joale, Morena eo ea khanyang ke mang?”+“Jehova ea matla le ea nang le bonatla,+Jehova ea matla ntoeng.”+
9 “Phahamisang lihlooho, Lōna liheke;+E, le li phahamise, Lōna menyako e tšoarellang halelele,E le hore Morena ea khanyang a ka kena!”+
10 “Joale, Morena eo ea khanyang ke mang?”“Jehova oa mabotho—ke eena Morena ea khanyang.”+ Selah.