Lipesaleme 22:1-31
Ho motsamaisi oa Khama e Tšehali ea Mafube. Pina ea thoriso ea Davida.
22 Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntloheletse’ng?+Ke hobane’ng ha u le hōle le ho mpholosa,+U le hōle le mantsoe a ho lumaela ha ka?+
2 Molimo oa ka, ke ntse ke hooa motšehare, ’me ha u arabe;+Le bosiu, ’me ha ho khutso ho ’na.+
3 Empa ua halalela,+U ahile lithorisong tsa Iseraele.+
4 Bo-ntat’a rōna ba ile ba u tšepa;+Ba ile ba tšepa, ’me ua ’na ua ba pholosa.+
5 Ba ile ba hoeletsa ho uena,+ eaba baa pholoha;+Ba ile ba u tšepa, ’me ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.+
6 Empa ’na ke sebōkō,+ ha ke motho,Ke nyeliso ho batho le ea eisehang sechabeng.+
7 Ha e le bohle ba mponang, ba mphetola litšeho;+Ba ntse ba ahlamisa melomo, ba ntse ba sisinya lihlooho:+
8 “O ipehile ho Jehova.+ A ke A mo pholose!+A ke a mo lopolle, kaha o khahliloe ke eena!”+
9 Etsoe ke Uena ea neng a nkhula ka mpeng,+Ea neng a etsa hore ke be le tšepo ha ke ntse ke le matsoeleng a ’Mè.+
10 Ke lahletsoe ho uena ho tsoa ka pōpelong;+U bile Molimo oa ka ke sa le ka mpeng ea ’Mè.+
11 U se ke ua ba hōle le ’na, hobane mahlomola a haufi,+Hobane ha ho mothusi e mong.+
12 Lipohoana tse ngata li mpota-potile;+Ba matla ba Bashane ba nteetse hare.+
13 Ba ahlamisitse melomo ea bona khahlanong le ’na,+Joaloka tau e rusollang le e purumang.+
14 Ke tšolotsoe joaloka metsi,+Masapo ’ohle a ka a arohantsoe.+Pelo ea ka e joaloka boka ba linotši;+E qhibilihetse tlaase lithong tsa ka tse ka hare.+
15 Matla a ka a omeletse feela joaloka lengeta,+Le leleme la ka le khomaretsoa mareneneng a ka;+U mpeha lerōleng la lefu.+
16 Etsoe lintja li mpota-potile;+Phutheho ea baetsi ba bobe e nteetse hare.+Ba matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+
17 Nka bala masapo a ka kaofela.+Baa talima, baa ntalima.+
18 Ba arolelana liaparo tsa ka,+Ba lahla lotho bakeng liaparo tsa ka.+
19 Empa Jehova, u se ke ua ba hōle.+Uena matla a ka,+ u potlakele ho nthusa.+
20 U lopolle moea oa ka saboleng,+Oona feela oa ka ho tsoa marōng a ntja;+
21 Mpholose molomong oa tau,+U arabe ’me u mpholose linakeng tsa lipoho tse hlaha.+
22 Ke tla bolela lebitso la hao+ ho barab’eso;+Ke tla u rorisa har’a phutheho.+
23 Lōna ba tšabang Jehova, mo roriseng!+Lōna bohle peō ea Jakobo, mo tlotliseng!+Le mo tšabe, lōna bohle peō ea Iseraele.+
24 Etsoe ha aa nyelisa+Kapa a nyonya mahloreho a ea hlorileng;+Ha aa mo patela sefahleho sa hae,+O ile a utloa ha a hoeletsa ho kōpa thuso ho eena.+
25 Ho tsoa ho uena thoriso ea ka e tla ba phuthehong e khōlō;+Ke tla phetha boitlamo ba ka ka pel’a ba u tšabang.+
26 Ba bonolo ba tla ja ’me ba khore;+Ba mo batlang ba tla rorisa Jehova.+E se eka lipelo tsa lōna li ka phela ka ho sa feleng.+
27 Lipheletso tsohle tsa lefatše li tla hopola ’me li khutlele ho Jehova.+Malapa ’ohle a lichaba a tla inama ka pel’a hao.+
28 Etsoe borena ke ba Jehova,+O laola lichaba.+
29 Bohle ba nonneng ba lefatše ba tla ja ’me ba tla inama;+Bohle ba theohelang lerōleng ba tla khumama ka pel’a hae,+Ha ho eo le ka mohla a tlang ho boloka moea oa hae o phela.+
30 Peō e tla mo sebeletsa;+Ho tla bolelloa moloko ka Jehova.+
31 Ba tla tla ’me ba bolele ho loka ha hae+Ho batho ba tlang ho tsoaloa, hore o entse sena.+