Lipesaleme 2:1-12
2 Ke hobane’ng ha lichaba li bile morusu+’Me lihlopha tsa lichaba li ’nile tsa honotha ka ntho ea lefeela?+
2 Marena a lefatše aa ema+Balaoli ba phahameng ba khobokane hammoho e le ntho e le ’ngoe+Khahlanong le Jehova+ le khahlanong le motlotsuoa+ oa hae,
3 Ba re: “A re khaoleng marapo a bona+Re lahlele lithapo tsa bona hōle le rōna!”+
4 Ea lutseng maholimong+ o tla tšeha;Jehova o tla ba fetola litšeho.+
5 Ka nako eo o tla bua le bona ka bohale+ ba haeO tla ba khathatsa khalefong ea hae e tukang,+
6 A re: “Ke hlomamisitse morena+ oa kaHolim’a Sione,+ thaba ea ka e halalelang.”+
7 A nke ke bue ka molao-taelo oa Jehova;O itse ho ’na: “U mora oa ka;+’Na, kajeno, ke u tsoetse.+
8 Nkōpe,+ e le hore nka fana ka lichaba e le lefa la hao+Le lipheletso tsa lefatše e le leruo la hao.+
9 U tla li thumakanya ka lere la borena la tšepe,+U tla li pshatla+ joalokaha eka ke sejana sa sebōpi.”
10 Joale, Lōna marena, le sebelise temohisiso;Itlohelleng hore le khalemeloe, Lōna baahloli ba lefatše.+
11 Sebeletsang Jehova ka tšabo+Le thabe ka ho thothomela.+
12 Akang mora,+ hore A tle a se ke a tuka ke bohaleLe tle le se ke la timela tseleng,+Etsoe bohale ba hae bo tuka habonolo.+Ho thaba bohle ba tšabelang ho eena.+