Lipesaleme 150:1-6
150 Rorisang Jah!+Rorisang Molimo sebakeng sa hae se halalelang.+Mo roriseng sebakeng sa matla a hae.+
2 Mo roriseng bakeng sa mesebetsi ea hae ea bonatla.+Mo roriseng ho ea ka bongata ba boholo ba hae.+
3 Mo roriseng ka ho letsa lenaka.+Mo roriseng ka seletsa se likhoele le harepa.+
4 Mo roriseng ka moropa o monyenyane+ le motjeko oa ho potoloha.+Mo roriseng ka liletsa tse likhoele+ le phala.+
5 Mo roriseng ka licymbala tsa molumo oa lipina tsa thoriso.+Mo roriseng ka licymbala tse otlanngoang.+
6 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang—e ke e rorise Jah.+Rorisang Jah!+