Lipesaleme 145:1-21
Thoriso, ea Davida.
א [ʼAleph]
145 Ke tla u phahamisa, Morena Molimo oa ka,+Ke tla boka lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ב [Behth]
2 Ke tla u boka letsatsi lohle,+Ke tla rorisa lebitso la hao ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+
ג [Gimel]
3 Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo,+Boholo ba hae bo ke ke ba batlisisoa.+
ד [Daleth]
4 Moloko o mong ka mor’a o mong o tla babatsa mesebetsi ea hao,+O tla bolela liketso tsa hao tse matla.+
ה [Heʼ]
5 Ke tla nahanisisa ka bokhabane bo khanyang ba ho hlompheha ha hao+Le litaba tsa mesebetsi ea hao e hlollang.+
ו [Waw]
6 Ba tla bua ka matla a lintho tsa hao tse tšabehang;+Ha e le boholo ba hao, ke tla bo bolela.+
ז [Zayin]
7 Ba tla bua ba sa khaotse ka molemo oa hao o mongata,+Ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la ho loka ha hao.+
ח [Chehth]
8 Jehova o mosa ’me o mohau,+O lieha ho halefa ’me o na le mosa o lerato o moholo.+
ט [Tehth]
9 Jehova o molemo ho bohle,+Mehauhelo ea hae e holim’a mesebetsi eohle ea hae.+
י [Yohdh]
10 Mesebetsi eohle ea hao e tla u roka, Jehova,+Ba tšepahalang ba hao ba tla u boka.+
כ [Kaph]
11 Ba tla bua ka khanya ea borena ba hao,+Ba tla bua ka matla a hao,+
ל [Lamedh]
12 Hore ba tsebise bara ba batho liketso tsa hae tse matla+Le khanya ea bokhabane ba borena ba hae.+
מ [Mem]
13 Borena ba hao ke borena ho isa linakong tsohle tse sa lekanyetsoang,+Puso ea hao e pholletsa le meloko eohle e latellanang.+
ס [Samekh]
14 Jehova o tšehetsa bohle ba oang,+O phahamisa bohle ba inameng.+
ע [ʽAyin]
15 Mahlo a bohle a talima ho uena ka tšepo,+U ba fa lijo tsa bona ka nako ea tsona.+
פ [Peʼ]
16 U fuparolla seatla sa hao+U khotsofatsa takatso ea ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang.+
צ [Tsadheh]
17 Jehova o lokile litseleng tsohle tsa hae+Oa tšepahala mesebetsing eohle ea hae.+
ק [Qohph]
18 Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena,+Bohle ba ipiletsang ho eena ka ’nete.+
ר [Rehsh]
19 O tla khotsofatsa takatso ea ba mo tšabang,+O tla utloa mohoo oa bona o kōpang thuso, ’me o tla ba pholosa.+
ש [Shin]
20 Jehova o lebela bohle ba mo ratang,+Empa bohle ba khopo o tla ba felisa.+
ת [Taw]
21 Molomo oa ka o tla bolela thoriso ea Jehova;+Nama eohle e boke lebitso la hae le halalelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+