Lipesaleme 143:1-12
Pina ea thoriso ea Davida.
143 Jehova, utloa thapelo ea ka;+U mamele kōpo ea ka e tiileng.+Botšepehing ba hao u nkarabe ka ho loka ha hao.+
2 U se ke ua kena kahlolong le mohlanka oa hao;+Etsoe ha ho ea phelang eo e ka bang ea lokileng ka pel’a hao.+
3 Etsoe sera se lelekisitse moea oa ka;+Se sithabelitse bophelo ba ka lefatšeng.+Se entse hore ke lule libakeng tse lefifi joaloka ba shoeleng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
4 Moea oa ka+ oa tepella ka hare ho ’na;Pelo ea ka e iponahatsa e feletsoe ke matla ka hare ho ’na.+
5 Ke hopotse matsatsi a khale;+Ke thuisitse ka mosebetsi oohle oa hao;+Ka ho rata ke ’nile ka nahanisisa ka mosebetsi oa matsoho a hao.+
6 Ke otlolletse matsoho a ka ho uena;+Moea oa ka o joaloka naha e phophothehileng ho uena.+ Selah.
7 Potlaka, u nkarabe, Jehova.+Moea oa ka o felile.+U se ke ua mpatela sefahleho sa hao,+Ho seng joalo ke tla tšoana le ba theohelang ka sekoting.+
8 Etsa hore ke utloe mosa oa hao o lerato hoseng,+Etsoe ke u tšepile.+Ntsebise tsela eo ke lokelang ho tsamaea ka eona,+Etsoe ke phahamiselitse moea oa ka ho uena.+
9 Ntopolle ho lira tsa ka, Jehova.+Ke tšabetse ho uena.+
10 Nthute ho etsa thato ea hao,+Etsoe u Molimo oa ka.+Moea oa hao o molemo;+E se eka o ka ntsamaisa naheng ea ho loka.+
11 Ka lebaka la lebitso la hao,+ Jehova, e se eka u ka mpoloka ke phela.+E se eka u ka ntša moea oa ka mahlomoleng+ ka ho loka ha hao.+
12 E se eka moseng oa hao o lerato u ka khutsisa lira tsa ka;+U timetse bohle ba bontšang bora ho moea oa ka,+Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+