Lipesaleme 140:1-13
Bakeng sa motsamaisi. Pina ea thoriso ea Davida.
140 Jehova, u mpholose ho batho ba babe;+E se eka u ka ntšireletsa le ho motho oa liketso tse mabifi,+
2 Ba rerileng lintho tse mpe ka lipelong tsa bona,+Bao letsatsi lohle ba ntseng ba hlasela joalokaha eka ke lintoeng.+
3 Ba leolitse maleme a bona joaloka la noha;+Mahloko a marabe ea linaka a ka tlas’a melomo ea bona.+ Selah.
4 Jehova, u mphemise matsoho a ea khopo;+E se eka u ka ntšireletsa ho motho oa liketso tse mabifi,+Ba rerileng ho nkhothometsa mehatong ea ka.+
5 Ba iphahamisang ba mpatetse sefi;+Ba alile liropo joaloka letlooa lehlakoreng la tsela.+Ba nchehetse maraba.+ Selah.
6 Ke itse ho Jehova: “U Molimo oa ka.+Jehova, u mamele lentsoe la likōpo tsa ka tse tiileng.”+
7 Jehova ’Musi Morena,+ matla a poloko ea ka,+U sirelelitse hlooho ea ka letsatsing la lebotho le hlometseng.+
8 Jehova, u se ke ua phethahatsa litakatso tsa ea khopo.+U se ke ua ntšetsa pele morero oa hae o mobe, e le hore ba se ke ba phahamisoa.+ Selah.
9 Ha e le lihlooho tsa ba nteetseng hare,+E se eka khathatso ea melomo ea bona e ka li koahela.+
10 E se eka mashala a tukang a ka akheloa holim’a bona.+Ba liheloe ka mollong,+ ka likoting tse nang le metsi, e le hore ba se ke ba tsoha.+
11 Ea buang haholo—a se ke a tiisoa ka thata lefatšeng.+Motho ea mabifi—bobe bo mo tsome ka litlhaselo tse pheta-phetoang.+
12 Ke tseba hantle hore Jehova o tla phethisa+Tseko ea ea hlorileng, kahlolo ea ba futsanehileng.+
13 Ka sebele ba lokileng ba tla leboha lebitso la hao;+Ba lokileng ba tla lula ka pel’a sefahleho sa hao.+