Lipesaleme 14:1-7
Ho motsamaisi. Ea Davida.
14 Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae:“Jehova ha a eo.”+Ba entse ka mokhoa o senyang,+ ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona.Ha ho ea etsang se molemo.+
2 Ha e le Jehova, o talimile tlaase ho bara ba batho a le leholimong,+Ho bona hore na ho na le ea nang le temohisiso, ea batlang Jehova.+
3 Kaofela+ ba khelohile, ba bolile kaofela ka ho tšoanang;+Ha ho ea etsang se molemo,+Esita le ea mong.+
4 Na ha ho le ea mong oa ba tloaetseng ho etsa se kotsi ea nang le tsebo,+Ba jang batho ba ka joalokaha ba jele bohobe?+Ebile ha baa ipiletsa ho Jehova.+
5 Moo ba ile ba tlala tšabo e khōlō,+Etsoe Jehova o har’a moloko oa ea lokileng.+
6 Le ne le hlabisa morero oa ea hlorileng lihlong,Hobane Jehova ke setšabelo sa hae.+
7 Hoja Sione ho ne ho e-na le poloko ea Iseraele!+Ha Jehova a khutlisa baholehuoa ba sechaba sa hae,+Jakobo e ke e thabe, Iseraele e nyakalle.+