Lipesaleme 139:1-24
Bakeng sa motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
139 Jehova, u ntlhahlobisisitse ka hohle, ’me ua ntseba.+
2 U tseba ho lula ha ka le ho ema ha ka.+U etse hloko monahano oa ka u le hōle.+
3 U lekantse leeto la ka le ho robala ha ka ke thakhaletse,+U tloaelane le litsela tsohle tsa ka.+
4 Etsoe ha ho lentsoe lelemeng la ka,+Empa, bona! Jehova, u se u ntse u le tseba kaofela.+
5 Ka morao le ka pele, u ntika-tikelitse;U beha letsoho la hao holim’a ka.
6 Tsebo e joalo ke e hlollang haholo ho ’na.+E phahame haholo hoo nke keng ka e fihlela.+
7 Nka ea hokae ho tloha moeeng oa hao,+Nka balehela hokae ho tloha sefahlehong sa hao?+
8 Haeba ke ne nka nyolohela leholimong, u ne u tla ba teng;+Haeba ke ne nka phutholla setulo sa ka se kang bethe Sheole, bona! u ne u tla ba teng.+
9 Haeba ke nka mapheo+ a mafube,E le hore nka lula leoatleng le hōle ka ho fetisisa,+
10 Le moo, letsoho la hao le ne le tla ntsamaisa+Letsoho la hao le letona le ne le tla ntšoara.+
11 Ha ke ne nka re: “Ka sebele lefifi le tla ntšoara ka potlako!”+Joale bosiu e ne e tla ba leseli ho mpotoloha.+
12 Esita le lefifi le ne le ke ke la e-ba letšo haholo ho uena,+Empa bosiu bo ne bo tla khanya feela joaloka motšehare;+Lefifi le ne le ka ba feela joaloka leseli.+
13 Etsoe u entse liphio tsa ka;+U ile ua mpoloka ke sirelelitsoe ka mpeng ea ’Mè.+
14 Ke tla u roka hobane ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang.+Mesebetsi ea hao ea hlolla,+Joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.+
15 Masapo a ka a ne a sa pateha ho uena+Ha ke etsoa sephiring,+Ha ke lohuoa likarolong tse tlaase-tlaase+ tsa lefatše.
16 Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa,+Likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao,Mabapi le matsatsi ao li ileng tsa bōptjoa ka ’ona+Ho ne ho e-s’o be le e ’ngoe har’a tsona.
17 Kahoo, menahano ea hao ke ea bohlokoa hakaakang ho ’na!+Molimo, kakaretso e feletseng ea eona e kaakang!+
18 Ha ke ne nka leka ho e bala, e mengata le ho feta lehlabathe.+Ke tsohile, leha ho le joalo ke sa ntse ke e-na le uena.+
19 Molimo, hoja u ne u ka bolaea ea khopo!+Joale ka sebele esita le batho ba nang le molato oa mali+ ba tla tloha ho ’na,
20 Ba buang lintho ka uena ho ea ka likhopolo tsa bona;+Ba sebelisitse lebitso la hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa+—bahanyetsi ba hao.+
21 Na ha kea hloea ba u hloileng haholo, Jehova,+Na ha ke nyonye ba u fetohelang?+
22 Ke ba hloile ka lehloeo le feletseng.+Ho ’na ba fetohile lira tsa sebele.+
23 Mpatlisise ka hohle, Molimo, ’me u tsebe pelo ea ka.+Ntlhahlobe, ’me u tsebe menahano ea ka e ntlhokisang botsitso,+
24 U bone hore na ho na le tsela leha e le efe e bohloko ka ho ’na,+U ntsamaise tseleng+ ea nako e sa lekanyetsoang.