Lipesaleme 138:1-8
Ea Davida.
138 Ke tla u roka ka pelo ea ka eohle.+Ke tla u binela lipina tsa thoriso ka pel’a melimo e meng.+
2 Ke tla inamela nģ’a tempele ea hao e halalelang,+Ke tla roka lebitso la hao,+Ka lebaka la mosa oa hao o lerato+ le ka lebaka la ’nete ea hao.+Etsoe u hōlisitse polelo+ ea hao esita le ka holim’a lebitso lohle la hao.+
3 Letsatsing leo ke hoelelitseng ka lona, ua boela ua nkaraba;+Ua qala ho etsa hore ke be sebete moeeng ka matla.+
4 Marena ’ohle a lefatše a tla u roka, Jehova,+Etsoe a tla be a utloile lipolelo tsa molomo oa hao.
5 A tla bina ka litsela tsa Jehova,+Etsoe khanya ea Jehova e khōlō.+
6 Etsoe Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang;+Empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.+
7 Haeba nka tsamaea har’a mahlomola, u tla mpoloka ke phela.+U tla otlolla letsoho la hao ka lebaka la bohale ba lira tsa ka,+Letsoho la hao le letona le tla mpholosa.+
8 Jehova o tla phetha se molemong oa ka.+Jehova, mosa oa hao o lerato o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+U se ke ua lahla mesebetsi ea matsoho a hao.+