Lipesaleme 132:1-18
Pina ea Methati.
132 Jehova, malebana le Davida+U hopole ho tlotlolloa hohle ha hae;+
2 Kamoo a ileng a hlapanyetsa Jehova,+Kamoo a ileng a etsa boitlamo ho Ea Matla+ oa Jakobo:+
3 “Nke ke ka kena ka tenteng ea ntlo ea ka.+Nke ke ka ea setulong se kang moalo sa liphate tsa ka tse ntle,+
4 Nke ke ka fa mahlo a ka boroko,+Kapa ka etsa hore mahlo a ka a khanyang a otsele,+
5 Ho fihlela ke fumanela Jehova sebaka,+Tabernakele e khōlō bakeng sa Ea Matla oa Jakobo.”+
6 Bonang! Re utloile ka eona Efratha,+Re e fumane masimong a moru.+
7 A re keneng ka tabernakeleng ea hae e khōlō;+A re inameng setuloaneng sa hae sa maoto.+
8 Tsoha, Jehova, sebakeng sa hao sa phomolo,+Uena le Areka+ ea matla a hao.+
9 Baprista ba hao ba ke ba apare ho loka,+Ba tšepahalang ba hao ba ke ba hoeletse ka thabo.+
10 Ka lebaka la mohlanka oa hao Davida,+U se ke ua khutlisa sefahleho sa motlotsuoa oa hao.+
11 Jehova o hlapanyelitse Davida,+Kannete a ke ke a checha:+“Ho tsoang litholoaneng tsa mpa ea hao+Ke tla ho beha teroneng ea hao.+
12 Haeba bara ba hao ba tla boloka selekane sa ka+Le likhopotso tsa ka tseo ke tla ba ruta tsona,+Le bara ba bona ka ho sa feleng+Ba tla lula holim’a terone ea hao.”+
13 Etsoe Jehova o khethile Sione;+O e hlolohetsoe joaloka sebaka sa hae sa bolulo:+
14 “Sena ke sebaka sa ka sa phomolo ka ho sa feleng;+Ke tla lula mona, etsoe ke se hlolohetsoe.+
15 Ruri ke tla hlohonolofatsa lijo tsa sona.+Ke tla khotsofatsa mafutsana a sona ka bohobe.+
16 Ke tla apesa baprista ba sona poloko;+Ruri ba tšepahalang ba sona ba tla hoeletsa ka thabo.
17 Ke tla etsa hore lenaka la Davida le hōle moo.+Ke hlophisitse lebone bakeng sa motlotsuoa oa ka.+
18 Lira tsa hae ke tla li apesa lihlong;+Empa mofapa-hlooho+ oa hae o tla khanya holim’a hae.”+