Lipesaleme 129:1-8
Pina ea Methati.
129 Joale Baiseraele ba ke ba re,+“Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka,+
2 Ba bontšitse bora ho ’na halelele ka ho lekaneng ho tloha bocheng ba ka;+Empa leha ho le joalo ha baa ntlhōla.+
3 Balemi ba lemme mokokotlong oa ka;+Ba lelefalitse litsela tsa bona tsa mehoma.”
4 Jehova o lokile.+O khaotse liropo tsa ba khopo.+
5 Ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba ikhutlise,+Bohle ba hloileng Sione.+
6 Ba tla ba joaloka joang bo botala ba marulelo,+Bo omeletseng pele bo fotholoa,+
7 Boo mokotuli a sa bo tlatsang letsoho la hae,+Kapa leha e le mang ea bokellang mangata a sa bo tlatsang sefuba sa hae.
8 Leha e le hore ba fetang ba itse:“Tlhohonolofatso ea Jehova e be holim’a lōna.+Re le hlohonolofalitse ka lebitso la Jehova.”+