Lipesaleme 121:1-8
Pina ea Methati.
121 Ke tla phahamisetsa mahlo a ka lithabeng.+Thuso ea ka e tla tsoa hokae?+
2 Thuso ea ka e tsoa ho Jehova,+Moetsi oa leholimo le lefatše.+
3 A ke ke a lumella leoto la hao hore le therekele.+Ea u lebelang a ke ke a otsela.+
4 Bona! A ke ke a otsela kapa a robala,+Ea lebelang Iseraele.+
5 Jehova oa u lebela.+Jehova ke moriti+ oa hao ka letsohong la hao le letona.+
6 Letsatsi le ke ke la u bataola motšehare,+Kapa khoeli bosiu.+
7 Jehova o tla u lebela khahlanong le tlokotsi eohle.+O tla lebela moea oa hao.+
8 Jehova o tla lebela ho tsoa ha hao le ho kena ha hao+Ho tloha joale ho ea pele le ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+