Lipesaleme 12:1-8
Ho motsamaisi oa molumo oa ’mino o tlaase.+ Pina ea thoriso ea Davida.
12 U mpholose,+ Jehova, kaha ea tšepahalang o felile;+Etsoe batho ba tšepahalang ba nyametse ho bara ba batho.
2 Ba lula ba bolellana leshano;+Ka molomo o qhekellang+ ba lula ba bua ka lipelo tse peli.+
3 Jehova o tla felisa melomo eohle e qhekellang,Leleme le buang lintho tse khōlō,+
4 Ba itseng: “Ka maleme a rōna re tla hlōla.+Melomo ea rōna e na le rōna. Ke mang eo e tla ba mong’a rōna?”
5 “Ka lebaka la ho tlatlapuoa ha ba hlorileng, ka lebaka la ho feheloa ha mafutsana,+Lekhetlong lena ke tla tsoha,” ho bolela Jehova.+“Ke tla mo sireletsa ho mang kapa mang ea mo somang.”+
6 Lipolelo tsa Jehova ke lipolelo tse hloekileng,+Joaloka silevera e hloekisitsoeng sebōping sa ho qhibilihisa se lefatšeng, e tšekiloeng ka makhetlo a supileng.
7 Jehova, u tla ba lebela;+U tla boloka e mong le e mong ho tloha molokong ona ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
8 Ba khopo ba tsamaea hohle,Hobane bobe boa phahamisoa har’a bara ba batho.+