Lipesaleme 116:1-19
116 Kea rata, hobane Jehova o utloa+Lentsoe la ka, likōpo tsa ka tse tiileng.+
2 Etsoe o ntšekehetse tsebe,+Ke tla hooa ka matsatsi ’ohle a ka.+
3 Liropo tsa lefu li ile tsa mpota-pota+Maemo a bakang mahlomola a Sheole a mphumana.+Ka ’na ka fumana mahlomola le mesarelo.+
4 Empa ka ipiletsa lebitsong la Jehova:+“Oho! Jehova, u pholose moea oa ka!”+
5 Jehova o mosa ’me o lokile;+Molimo oa rōna ke Ea bontšang mohau.+
6 Jehova o lebela ba se nang phihlelo.+Ke ne ke futsanehile, eaba oa mpholosa.+
7 Khutlela sebakeng sa hao sa phomolo, Uena moea oa ka,+Etsoe Jehova o u entse ka mokhoa o loketseng.+
8 Etsoe u pholositse moea oa ka lefung,+Leihlo la ka meokhong, leoto la ka ho khoptjoeng.+
9 Ke tla tsamaea+ ka pel’a Jehova linaheng tsa ba phelang.+
10 Ke ne ke e-na le tumelo,+ etsoe ke buile.+Ke ne ke hlorile haholo.
11 Ke ile ka re, ha ke tšohile:+“Motho e mong le e mong o leshano.”+
12 Ke tla buseletsa eng ho Jehova+Bakeng sa melemo eohle ea hae ho ’na?+
13 Ke tla nka senoelo sa poloko e khōlō,+Ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova.+
14 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+E, ka pel’a batho bohle ba hae.
15 Lefu la ba tšepahalang ba hae+Ke la bohlokoa mahlong a Jehova.
16 Oho! Jehova,+Etsoe ’na ke mohlanka oa hao.+Ke mohlanka oa hao, mora oa lekhabunyane la hao.+U lokolotse marapo a ka.+
17 Ke tla nyehela sehlabelo sa liteboho ho uena,+Ke tla ipiletsa lebitsong la Jehova.+
18 Ke tla phetha boitlamo ba ka ho Jehova,+E, ka pel’a batho bohle ba hae,+
19 Mabaleng a ntlo ea Jehova,+Ka hare ho uena, Jerusalema.+Rorisang Jah!+