Lipesaleme 114:1-8
114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+Ntlo ea Jakobo e tsoa ho batho ba buang ka mokhoa o sa utloisiseheng,+
2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa hae se halalelang,+Iseraele ea e-ba sebaka sa hae se seholo se pusong ea hae.+
3 Leoatle la bona ’me la baleha;+Ha e le Jordane, ea qala ho khutlela morao.+
4 Lithaba tsa tlōla-tlōla joaloka lipheleu,+Maralla a tlōla-tlōla joaloka likonyana.
5 Molato e ne e le eng ka uena, leoatle, hore ebe u ile ua baleha,+Uena Jordane, hore ebe u ile ua qala ho khutlela morao?+
6 Lōna lithaba, hore ebe le ile la qala ho tlōla-tlōla joaloka lipheleu;+Lōna maralla, la tlōla-tlōla joaloka likonyana?+
7 Utloa bohloko bo boholo ka lebaka la Morena, Uena lefatše,+Ka lebaka la Molimo oa Jakobo,
8 Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi le nang le lehlaka,+Ea fetolang lefika le thata hore e be seliba sa metsi.+