Lipesaleme 112:1-10
112 Rorisang Jah!+א [ʼAleph]Ho thaba motho ea tšabang Jehova,+ב [Behth]Ea khahloang haholo+ ke litaelo tsa hae.+
ג [Gimel]
2 Bana ba hae ba tla ba matla lefatšeng.+ד [Daleth]Ha e le moloko oa ba lokileng, o tla hlohonolofatsoa.+
ה [Heʼ]
3 Lintho tsa bohlokoa le maruo a ka tlung ea hae;+ו [Waw]Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.+
ז[Zayin]
4 O khantšitse lefifing joaloka leseli ho ba lokileng.+ח [Chehth]O mosa ’me o mohau ’me o lokile.+
ט [Tehth]
5 Motho ea mosa+ le ea alimanang+ o molemo.י [Yohdh]O tšehetsa litaba tsa hae ka toka.+
כ [Kaph]
6 Etsoe ha ho nako eo ka eona a tla therekelisoa.+ל [Lamedh]Ea lokileng o tla hopoloa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+
מ [Mem]
7 A ke ke a tšoha esita le litaba tse mpe.+נ [Nun]Pelo ea hae e tiile,+ e entsoe hore e itšetlehe ka Jehova.+
ס [Samekh]
8 Pelo ea hae ha e sisinyehe;+ a ke ke a tšoha,+ע [ʽAyin]Ho fihlela a talima bahanyetsi ba hae.+
פ [Peʼ]
9 O abile ka ho pharaletseng; o file mafutsana.+צ [Tsadheh]Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.+ק [Qohph]Lenaka la hae le tla phahamisoa ka khanya.+
ר [Rehsh]
10 Ea khopo o tla bona ’me ka sebele a khathatsehe.+ש [Shin]O tla tsikitlanya meno ’me a fokole.+ת [Taw]Takatso ea ba khopo e tla fela.+