Lipesaleme 109:1-31
Ho motsamaisi. Ea Davida. Pina ea thoriso.
109 Molimo oa thoriso ea ka,+ u se ke ua khutsa.+
2 Etsoe molomo oa ea khopo le molomo oa thetso o nkahlametse.+Ba buile ka ’na ka leleme la leshano;+
3 Ba mpota-potile ka mantsoe a lehloeo,+Ba ntse ba ntoantša ntle ho lebaka.+
4 Ba ntse ba nkhanyetsa ka lebaka la lerato la ka;+Empa kea rapela.+
5 Ba ’neha bobe bakeng sa molemo+Le lehloeo bakeng sa lerato la ka.+
6 Beha ea khopo hore a mo okamele,E se eka mohanyetsi+ a ka lula a eme ka letsohong la hae le letona.
7 Ha a ahloloa, a ke a tlohe joaloka ea khopo;Thapelo ea hae e ke e be sebe.+
8 Matsatsi a hae e ke e be a seng makae;+Boemo ba hae ba bolebeli bo ke bo nkoe ke e mong.+
9 Bara ba hae e ke e be bashanyana ba se nang bo-ntate+Mosali oa hae e be mohlolohali.+
10 Ka sebele bara ba hae ba ke ba lelere;+Ba tla kōpa,Ba tla batla lijo masuping a bona.+
11 Ea alimanang ’me a batla tsoala a ke a chehe lifi bakeng sa sohle seo a nang le sona,+Basele+ ba ke ba tlatlape sehlahisoa sa hae se fumanoeng ka ho sehla.+
12 E se eka ho ke ke ha e-ba le ea mo bontšang mosa o lerato,+E se eka ho ke ke ha e-ba le ea bontšang mohau ho bashanyana ba hae ba se nang bo-ntate.
13 Litloholo tsa hae li ke li felisoe.+Molokong o latelang mabitso a tsona a ke a hlakoloe.+
14 Liphoso tsa baholo-holo ba hae li ke li hopoloe ke Jehova,+Sebe sa ’m’ae+—e se eka se ke ke sa hlakoloa.+
15 Li ke li be ka pel’a Jehova kamehla;+E se eka a ka felisa ho hopoloa ha tsona lefatšeng;+
16 Ka lebaka la hore ha aa ka a hopola ho bontša mosa o lerato,+Empa a ’na a lelekisa motho ea hlorileng le ea futsanehileng+Le ea nyahameng pelong, hore a mo bolaee.+
17 A ’na a rata bomalimabe,+ hoo bo ileng ba mo oela holimo;+Ha aa ka a khahloa ke tlhohonolofatso,+Hoo e ileng ea e-ba hōle le eena;+
18 A apara bomalimabe e le seaparo sa hae.+Kahoo ba tla ho eena joaloka metsi+Le joaloka oli masapong a hae.
19 E se eka ho eena bo ka ba joaloka seaparo seo a ikapesang sona+Le joaloka senyepa seo a lulang a itlamile ka sona kamehla.+
20 Ona ke moputso oa ea nkhanyetsang o tsoang ho Jehova+Le oa ba buang hampe ka moea oa ka.+
21 Empa ke uena Jehova ’Musi+ Morena.Sebetsana le ’na ka lebaka la lebitso la hao.+Kahobane mosa oa hao o lerato o molemo, u ntopolle.+
22 Etsoe ke hlorile ’me ke futsanehile,+Pelo ea ka e hlabiloe ka hare ho ’na.+
23 Joaloka moriti ha o sekama, ke tlameha ho tsamaea;+Ke hlohloriloe joaloka tsie.
24 Mangole a ka aa tšerema ke ho itima lijo,+Nama ea ka e otile, ha e na oli leha e le efe.+
25 Ke fetohile ntho e nyelisehang ho bona.+Baa mpona—ba qala ho sisinya lihlooho.+
26 Nthuse, Jehova Molimo oa ka;+Mpholose ho ea ka mosa oa hao o lerato.+
27 E se eka ba ka tseba hore lena ke letsoho la hao;+Hore ke uena, Jehova, ea ho entseng.+
28 Ba ke ba phatlalatse bomalimabe,+Empa e se eka uena u ka phatlalatsa tlhohonolofatso.+Ba phahame, empa ba ke ba hlajoe ke lihlong,+Mohlanka oa hao a ke a thabe.+
29 Ba nkhanyetsang ba ke ba apare ho tlotlolloa,+Ba ikapese lihlong tsa bona feela joalokaha eka ke seaparo se se nang matsoho.+
30 Ke tla roka Jehova haholo ka molomo oa ka,+Ke tla mo rorisa har’a batho ba bangata.+
31 Etsoe o tla ema ka letsohong le letona la mofutsana,+Hore a mo pholose ho ba ahlolang moea oa hae.