Lipesaleme 104:1-35
104 Boka Jehova, Uena moea oa ka.+Jehova Molimo oa ka, u moholo haholo.+U apere ho hlompheha le bokhabane,+
2 U apere leseli joalokaha eka ke seaparo,+U otlolla maholimo joaloka lesela la tente,+
3 Ea hahang likamore tsa hae tse ka holimo ka libalaka ka metsing,+Ea etsang maru koloi ea hae,+Ea tsamaeang holim’a mapheo a moea,+
4 Ea etsang mangeloi a hae meea,+Ea etsang basebeletsi ba hae mollo o timetsang.+
5 O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng;+Le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.+
6 U ile ua le koahela ka boliba feela joaloka seaparo.+Metsi a ne a eme holim’a lithaba.+
7 Ha u a khalemela ka matla a ile a qala ho baleha;+Ha ho utloahala sealuma sa hao a mathisoa ka ho tšoha—
8 Lithaba tsa nyoloha,+Lithota tsa theoha—Ho ea sebakeng seo u li thehetseng sona.
9 U ile ua beha moeli, oo a sa lokelang ho o tlōla,+E le hore a se ke a koahela lefatše hape.+
10 O romela liliba liphuleng tsa melapo e phoroselang;+Li ntse li fetela pele pakeng tsa lithaba.
11 Ka ho tsoelang pele li noesa libata tsohle tsa naha e sabaletseng;+Liqoaha+ li tima lenyora la tsona kamehla.
12 Libōpuoa tse fofang tsa maholimo li ba le lihlaha holim’a tsona;+Li ntse li ntša molumo har’a makhasi a teteaneng.+
13 O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse ka holimo.+Lefatše le khotsofetse ke litholoana tsa mesebetsi ea hao.+
14 O melisa joang bo botala bakeng sa liphoofolo,+Le limela bakeng sa ho sebelisoa ke moloko oa batho,+Ho etsa hore lijo li hlahe lefatšeng,+
15 Le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang,+Ho khantša sefahleho ka oli,+Le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.+
16 Lifate tsa Jehova li khotsofetse,Likedare tsa Lebanone tseo a li lemmeng,+
17 Moo linonyana li etsang lihlaha.+Ha e le mokotatsie, ntlo ea oona ke lifate tsa junipere.+
18 Lithaba tse phahameng+ ke tsa lipōli tsa thaba;+Mafika ke setšabelo sa lipela.+
19 O entse khoeli bakeng sa linako tse behiloeng;+Letsatsi le tseba hantle moo le likelang teng.+
20 U etsa lefifi, e le hore e ka ba bosiu;+Liphoofolo tsohle tse hlaha tsa moru li tsamaea ho lona.
21 Litaoana tse moetse li purumela liphofu+Le ho batla lijo tsa tsona ho Molimo.+
22 Letsatsi le qala ho chaba+—lia orohaLi botha libakeng tseo li ipatang ho tsona.
23 Motho o ea mosebetsing oa hae+Le tšebeletsong ea hae ho fihlela ka shoalane.+
24 Jehova, mesebetsi ea hao e mengata hakaakang!+Kaofela ha eona u e entse ka bohlale.+Lefatše le tletse lihlahisoa tsa hao.+
25 Ha e le leoatle lena le leholo le le pharaletseng,+Moo ho na le lintho tse tsamaeang tse se nang palo,+Libōpuoa tse phelang, tse nyenyane hammoho le tse khōlō.+
26 Likepe li ea teng;+Ha e le Leviathane,+ u e etselitse hore e bapalle ka ho lona.+
27 Kaofela ha tsona—li lula li u letetse+Hore u li fe lijo tsa tsona ka nako ea tsona.+
28 Li nka seo u li fang sona.+U bula seatla sa hao—li khotsofatsoa ke lintho tse molemo.+
29 Ha u pata sefahleho sa hao, lia khathatseha.+Ha u tlosa moea oa tsona, lia shoa,+Li khutlela lerōleng la tsona.+
30 Ha u romela moea oa hao, lia bōptjoa;+U etsa hore lefatše le be lecha.
31 Khanya ea Jehova e tla ba teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.+
32 O talimile lefatše, ’me lea thothomela;+O ama lithaba, ’me li kubella mosi.+
33 Ke tla binela Jehova bophelong bohle ba ka;+Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.+
34 Ho thuisa ha ka ka eena e ke e be ho khahlisang.+Ke tla ithabela ho Jehova.+
35 Baetsalibe ba tla timetsoa lefatšeng;+Ha e le ba khopo, ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.+Boka Jehova, Uena moea oa ka. Rorisang Jah!+