Lipesaleme 102:1-28
Thapelo ea ea hlorileng haeba a ka tepella ’me a tšollela matšoenyeho a hae ka pel’a Jehova.+
102 Jehova, u utloe thapelo ea ka;+E se eka mohoo oa ka o kōpang thuso o ka tla ho uena.+
2 U se ke ua mpatela sefahleho sa hao letsatsing leo ka lona ke leng mahlomoleng.+Ntšekehele tsebe;+Letsatsing leo ka lona ke hooang, u potlake, u nkarabe.+
3 Etsoe matsatsi a ka a felile joaloka mosi,+Masapo a ka a entsoe hore a chese haholo feela joaloka leifo.+
4 Pelo ea ka e otliloe feela joaloka limela ’me e omeletse,+Etsoe ke lebetse ho ja lijo tsa ka.+
5 Ka lebaka la molumo oa ho feheloa ha ka+Masapo a ka a khomaretse nameng ea ka.+
6 Ke tšoana le letata le jang litlhapi la lefeella.+Ke fetohile ea joaloka sephooko se senyenyane sa masupi.
7 Ke fokotse,Ke fetohile ea joaloka nonyana e ’notši holim’a marulelo.+
8 Letsatsi lohle lira tsa ka li ’nyelisitse.+Ba mphetolang leoatla ba hlapantse ka ’na.+
9 Etsoe ke jele molora feela joaloka bohobe;+Lintho tseo ke li noang ke li tsoakile le ho lla,+
10 Ka lebaka la nyatso ea hao le khalefo ea hao;+Etsoe u mphahamisitse, e le hore u ka ntahla.+
11 Matsatsi a ka a joaloka moriti o sekameng,+Ke omeletse joaloka limela feela.+
12 Ha e le uena, Jehova, u tla lula ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+Sehopotso sa hao se tla ba teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+
13 U tla tsoha, u tla hauhela Sione,+Etsoe ke nako ea ho e bontša mohau,Kaha nako e behiloeng e fihlile.+
14 Etsoe bahlanka ba hao ba khahlisitsoe ke majoe a eona,+Ba lebisa mohau oa bona lerōleng la eona.+
15 Lichaba li tla tšaba lebitso la Jehova,+Marena ’ohle a lefatše a tšabe khanya ea hao.+
16 Etsoe ka sebele Jehova o tla haha Sione;+O tla bonahala khanyeng ea hae.+
17 Ka sebele o tla retelehela thapelong ea ba nketsoeng ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+A se ke a nyelisa thapelo ea bona.+
18 Sena se ngoletsoe moloko oa ka moso;+Batho ba tlang ho bōptjoa ba tla rorisa Jah.+
19 Etsoe o talimile tlaase a le sebakeng sa hae se phahameng se halalelang,+Jehova o talimile lefatšeng a le maholimong,+
20 Hore a utloe ho feheloa ha motšoaruoa,+Hore a lokolle ba behetsoeng lefu;+
21 Hore lebitso la Jehova le boleloe Sione+Thoriso ea hae e boleloe Jerusalema,+
22 Ha lichaba tsohle li phutheha hammoho,+Le mebuso hore e sebeletse Jehova.+
23 O ile a fokotsa matla a ka tseleng,+A khutsufatsa matsatsi a ka.+
24 Ke ile ka re: “Molimo oa ka,U se ke ua ntlosa halofong ea matsatsi a ka;+Lilemo tsa hao li teng ho pholletsa le meloko eohle.+
25 U ile ua rala metheo ea lefatše khale,+Maholimo ke mosebetsi oa matsoho a hao.+
26 Li tla timela, empa u tla ’ne u eme;+Li tla tsofala kaofela ha tsona feela joaloka seaparo.+Feela joaloka liaparo u tla beha ho hong sebakeng sa tsona, ’me li tla qeta nako ea tsona.+
27 Empa uena ha u fetohe, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa phethoa.+
28 Bara ba bahlanka ba hao ba tla tsoela pele ho lula;+Bana ba bona ba tla tiisoa ka thata ka pel’a hao.”+