Lipesaleme 101:1-8
Ea Davida. Pina ea thoriso.
101 Ke tla bina ka mosa o lerato le kahlolo.+Ke tla u binela lipina tsa thoriso, Jehova.+
2 Ke tla etsa ka masene ka tsela e se nang molato.+U tla tla neng ho ’na?+Ke tla tsamaea botšepehing ba pelo ea ka ka har’a ntlo ea ka.+
3 Nke ke ka beha letho le se nang molemo ka pel’a mahlo a ka.+Ke hloile liketso tsa ba khelohang;+Ha li nkhomarele.+
4 Pelo e khopameng e sutha ho ’na;+Ha ke tsebe letho le lebe.+
5 Mang kapa mang ea etselletsang motsoalle oa hae sephiring,+Kea mo khutsisa.+Mang kapa mang ea mahlo a ikhohomosang le ea pelo e ikakasang,+Nke ke ka mo mamella.+
6 Mahlo a ka a holim’a ba tšepahalang ba lefatše,+E le hore ba ka lula le ’na.+Ea tsamaeang ka tsela e se nang molato,+Ke eena ea tla ntšebeletsa.+
7 Mosebetsi ea qhekellang a ke ke a lula ka har’a ntlo ea ka.+Ha e le mang kapa mang ea buang mashano, a ke ke a tiisoa ka thata+Ka pel’a mahlo a ka.+
8 Hoseng ho hong le ho hong ke tla khutsisa bohle ba khopo ba lefatše,+Hore ke tlose bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi+ motseng+ oa Jehova.