Lipesaleme 10:1-18
ל [Lamedh]
10 Jehova, ke hobane’ng ha u ntse u emeletse hōle?+Ke hobane’ng ha u lula u ipatile linakong tsa mahlomola?+
2 Boikhohomosong ba hae ea khopo o beha ea hlorileng merebele;+Ba tšoasoa ke likhopolo tseo ba li nahanneng.+
3 Etsoe ea khopo o ithorisitse ka tabatabelo ea boithati ea moea oa hae,+Le ea etsang phaello e sa lokang+ o itlhohonolofalitse;נ [Nun]O hlompholotse Jehova.+
4 Ho ea ka boikhohomoso ba hae, ea khopo ha a batlisise;+Likhopolo tsohle tsa hae ke tse reng: “Molimo ha a eo.”+
5 Litsela tsa hae li lula li atleha ka nako eohle.+Liqeto tsa hao tsa boahloli li mo phahametse;+Ha e le bohle ba bontšang bora ho eena, oa ba soma.+
6 O itse ka pelong ea hae: “Nke ke ka therekelisoa;+Nke ke ka ba tlokotsing ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”+
פ [Peʼ]
7 Molomo oa hae o tletse likano le thetso le khatello.+Tlas’a leleme la hae ho na le khathatso le se kotsi.+
8 O lula a laletse metsaneng;O tla bolaea ea hlokang molato a le libakeng tse patehileng.+ע [ʽAyin]Mahlo a hae a laletse motho ea malimabe.+
9 O lula a laletse sebakeng se patehileng joaloka tau selaong sa eona.+O lula a laletse+ hore a nke ea hlorileng ka likhoka.O nka ea hlorileng ka likhoka ha a hula letlooa la hae hore le koalehe.+
10 O hateletsoe, oa inama,Letšoele la ba nyahameng le lokela ho oela linaleng tsa hae tse matla.+
11 O itse ka pelong ea hae:+ “Molimo o lebetse.+O patile sefahleho sa hae.+Ka sebele le ka mohla a ke ke a ho bona.”+
ק [Qohph]
12 Tsoha,+ Jehova. Molimo, u phahamise letsoho la hao.+U se ke ua lebala ba hlorileng.+
13 Ke hobane’ng ha ea khopo a hlompholotse Molimo?+O itse ka pelong ea hae: “U ke ke ua batla boikarabello.”+
ר [Rehsh]
14 Etsoe u bone khathatso le matšoenyeho.U ntse u talimile, hore u ba kenye ka letsohong la hao.+Ea malimabe,+ moshanyana ea se nang ntate, o ipeha ho uena.U fetohile mothusi oa hae.+
ש [Shin]
15 Roba letsoho la ea khopo le e mobe.+E se eka u ka batla bokhopo ba hae ho fihlela u se u sa bo fumane.+
16 Jehova ke Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.+Lichaba li timetse lefatšeng la hae.+
ת [Taw]
17 Jehova, ka sebele u tla utloa+ litakatso tsa ba bonolo.U tla lokisa lipelo tsa bona.+U tla sekeha tsebe,+
18 Hore u ahlole moshanyana ea se nang ntate le ea hateletsoeng,+E le hore motho ea shoang oa lefatše a se ke a hlola a baka ho thothomela.+