Joshua 10:1-43
10 Eitse hang ha Adoni-zedeke morena oa Jerusalema a utloa hore Joshua o hapile Ai+ a ntan’o e nehela timetso,+ hore feela joalokaha a ne a entse ho Jeriko+ le ho morena oa eona,+ o ne a entse joalo ho Ai le morena oa eona,+ le hore baahi ba Gibeone ba entse khotso le Baiseraele+ ’me ba lula har’a bona,
2 a tšoha haholo,+ hobane Gibeone e ne e le motse o moholo, joaloka o mong oa metse ea borena, le hobane e ne e le khōlō ho feta Ai,+ le banna bohle ba eona ba ne ba le matla.
3 Ka lebaka leo Adoni-zedeke morena oa Jerusalema+ a romeletsa ho Hohame morena oa Hebrone+ le ho Pirame morena oa Jarmuthe+ le ho Jafia morena oa Lakishe+ le ho Debire morena oa Eglone,+ a re,
4 “Nyolohelang ho ’na ’me le nthuse re hlaseleng Gibeone, hobane e entse khotso le Joshua le bara ba Iseraele.”+
5 Eaba baa bokana ’me baa nyoloha, marena a mahlano a Baamore,+ morena oa Jerusalema, morena oa Hebrone, morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe, morena oa Eglone, bana le mabotho ’ohle a bona, ’me ba hloma liahelo khahlanong le Gibeone le ho e loantša.
6 Eaba banna ba Gibeone ba romeletsa ho Joshua liahelong Gilgale,+ ba re: “U se ke ua lumella letsoho la hao hore le phomole bakeng sa makhoba a hao.+ Nyolohela ho rōna kapele ’me u re pholose le ho re thusa, etsoe marena ’ohle a Baamore a ahileng sebakeng se lithaba a phuthehile khahlanong le rōna.”
7 Kahoo Joshua a nyoloha Gilgale, eena hammoho le batho bohle ba ntoa+ le banna bohle ba matla ba sebete.+
8 Joale Jehova a re ho Joshua: “U se ke ua ba tšaba,+ etsoe ke nehelane ka bona letsohong la hao.+ Ha ho monna le ea mong oa bona ea tla ema khahlanong le uena.”+
9 Joshua a ba tsometsa. Bosiu bohle o ne a nyolohile ho tloha Gilgale.
10 Jehova a ba ferekanya ka pel’a Baiseraele,+ ’me ba qala ho ba bolaea ka polao e khōlō Gibeone+ eaba ba qala ho ba lelekisa tseleng e moepa ea Bethe-horone le ho ba bolaea ho ea fihla Azeka+ le Makeda.+
11 Eitse ha ba ntse ba baleha ka pel’a Baiseraele ’me ba le motheōng oa Bethe-horone, Jehova a lahlela holim ’a bona majoe a maholo+ a tsoang maholimong ho ea fihla Azeka, hoo ba ileng ba shoa. Ho ile ha e-ba le ba bangata ba shoeleng ka lebaka la majoe a sefako ho feta bao bara ba Iseraele ba ileng ba ba bolaea ka sabole.
12 Joale Joshua a bua le Jehova letsatsing leo ka lona Jehova a ileng a tlohela Baamore ho bara ba Iseraele, ’me a tsoela pele ho re ka pel’a mahlo a Baiseraele:“Letsatsi,+ u se ke ua sisinyeha holim ’a Gibeone,+’Me, khoeli, u se ke ua sisinyeha holim ’a khohlo ea Ajalone.”+
13 Tumellanong le hoo letsatsi la se ke la sisinyeha, le khoeli ea se ke ea sisinyeha, ho fihlela sechaba se ka iphetetsa ho lira tsa sona.+ Na ha hoa ngoloa bukeng ea Jashare?+ Letsatsi la se ke la sisinyeha bohareng ba maholimo ’me la se ke la potlakela ho likela hoo e ka bang motšehare oohle.+
14 Ha hoa ka ha e-ba le letsatsi le tšoanang le leo, ebang ke pele ho lona kapa ka mor’a lona, ka hore Jehova o ile a mamela lentsoe la motho,+ etsoe Jehova o ne a loanela Baiseraele.+
15 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela liahelong Gilgale.+
16 Khabareng marena ana a mahlano a baleha+ ’me a ipata lehaheng Makeda.+
17 Joale ha tlaleheloa Joshua, ha thoe: “Marena a mahlano a fumanoe a ipatile lehaheng Makeda.”+
18 Eaba Joshua o re: “Phikolosetsang majoe a maholo molomong oa lehaha ’me le abele banna hore ba a lebele.
19 Ha e le lōna, le se ke la ema. Lelekisang lira tsa lōna, ’me le li hlasele ka morao.+ Le se ke la li lumella ho kena metseng ea tsona, etsoe Jehova Molimo oa lōna o nehelane ka tsona matsohong a lōna.”+
20 Eitse hang ha Joshua le bara ba Iseraele ba qetile ho ba bolaea ka polao e khōlō, ho fihlela ba felile,+ ’me ba ileng ba phonyoha ba bona ba balehile ’me ba kene metseng e etselitsoeng liqhobosheane,+
21 joale batho bohle ba qala ho khutlela liahelong, ho Joshua, Makeda ka khotso. Ha ho motho le ea mong ea ileng a bua hampe ka bara ba Iseraele.+
22 Joale Joshua a re: “Bulang molomo oa lehaha ’me le ntše marena ana a mahlano ka lehaheng le a tlise ho ’na.”
23 Eaba ba etsa joalo ’me ba ntša marena ana a mahlano ka lehaheng le ho a tlisa ho eena, morena oa Jerusalema,+ morena oa Hebrone,+ morena oa Jarmuthe, morena oa Lakishe,+ morena oa Eglone.+
24 Eitse hang ha ba ntšitse marena ana ’me ba a tlisitse ho Joshua, Joshua a bitsa banna bohle ba Iseraele ’me a re ho balaoli ba banna ba ntoa ba neng ba tsamaile le eena: “Atamelang. Hatang likotlo tsa marena ana.”+ Kahoo ba atamela ’me ba hata likotlo tsa ’ona.+
25 Joshua a tsoela pele ho re ho bona: “Le se ke la tšoha leha e le ho haroha matsoalo.+ E-bang sebete ’me le be matla, etsoe Jehova o tla etsa tjena ho lira tsohle tsa lōna tseo le li loantšang.”+
26 Ka mor’a moo Joshua a a hlasela a a bolaea le ho a fanyeha lithupeng tse hlano, ’me a tsoela pele a leketlile lithupeng ho fihlela mantsiboea.+
27 Eitse ha letsatsi le likela Joshua a laela, ’me ba a theola lithupeng+ le ho a lahlela ka lehaheng moo a neng a ipatile teng. Joale ba beha majoe a maholo molomong oa lehaha—ho fihlela letsatsing lona lena.
28 Joshua a hapa Makeda+ letsatsing leo ’me a qala ho e loantša ka bohale ba sabole. Ha e le morena oa eona, a nehela eena le moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+ Ha aa ka a siea mophonyohi. Kahoo a etsa ho morena oa Makeda+ feela joalokaha a ne a entse ho morena oa Jeriko.
29 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Makeda ho ea Libna ’me ba loantša Libna.+
30 Ka lebaka leo Jehova a nehelana ka eona le morena oa eona matsohong a Baiseraele, eaba ba hlasela eona le moea o mong le o mong o ho eona ka bohale ba sabole. Ha baa ka ba siea mophonyohi ho eona. Kahoo ba etsa ho morena oa eona feela joalokaha ba ne ba entse ho morena oa Jeriko.+
31 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Libna ho ea Lakishe+ ’me ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona ba e loantša.
32 Tumellanong le hoo Jehova a nehelana ka Lakishe matsohong a Baiseraele hoo ba ileng ba e hapa letsatsing la bobeli, ’me ba qala ho hlasela eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole,+ ho ea ka sohle seo ba neng ba se entse Libna.
33 Joale Horame morena oa Gezere+ a nyoloha ho ea thusa Lakishe. Kahoo Joshua a bolaea eena le batho ba hae ho fihlela a sa siea mophonyohi oa hae.+
34 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba fetela pele ho tloha Lakishe ho ea Eglone+ ’me ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho e loantša.
35 Ba e hapa letsatsing leo ’me ba qala ho e hlasela ka bohale ba sabole, eaba ba nehela moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso letsatsing leo, ho ea ka sohle seo ba neng ba se entse Lakishe.+
36 Joale Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba nyoloha ho tloha Eglone ho ea Hebrone+ ’me ba qala ho e loantša.
37 Ba e hapa ’me ba qala ho hlasela eona le morena oa eona le metse eohle ea eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona ka bohale ba sabole. Ha aa ka a siea mophonyohi, ho ea ka sohle seo a neng a se entse Eglone. Kahoo a nehela eona le moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+
38 Qetellong Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela Debire+ ’me ba qala ho e loantša.
39 A hapa eona le morena oa eona le metse eohle ea eona, ’me ba qala ho ba hlasela ka bohale ba sabole le ho nehela moea o mong le o mong o neng o le ho eona timetso.+ Ha aa ka a siea mophonyohi.+ Feela joalokaha a ne a entse Hebrone, a etsa joalo ho Debire le morena oa eona, le feela joalokaha a ne a entse ho Libna le morena oa eona.+
40 Joshua a loantša naha eohle ea sebaka se lithaba+ le Negebe+ le Shefela+ le matsoapo+ le marena ’ohle a tsona. Ha aa ka a siea mophonyohi, ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phefumolohang+ a e nehela timetso,+ feela joalokaha Jehova Molimo oa Iseraele a ne a laetse.+
41 Joshua a ba bolaea ho tloha Kadeshe-barnea+ ho ea Gaza+ le naheng eohle ea Goshene+ le ho ea fihla Gibeone.+
42 Joshua a hapa marena ana ’ohle le naha ea ’ona ka nako e le ’ngoe,+ hobane ke Jehova Molimo oa Iseraele ea neng a loanela Baiseraele.+
43 Ka mor’a moo Joshua hammoho le Baiseraele bohle ba khutlela liahelong Gilgale.+