Johanne 4:1-54
4 Joale, ha Morena a hlokomela hore Bafarisi ba ne ba utloile hore Jesu o ne a etsa barutuoa ba fetang Johanne ’me a ba kolobetsa+—
2 le hoja, ka sebele, Jesu a ne a sa kolobetse empa e le barutuoa ba hae ba neng ba kolobetsa—
3 a tloha Judea ’me a boela a ea Galilea.
4 Empa ho ne ho hlokahala hore a pholletse le Samaria.+
5 Ka lebaka leo a fihla motseng oa Samaria o bitsoang Sikare haufi le tšimo eo Jakobo a ileng a e fa mora oa hae Josefa.+
6 Ha e le hantle, seliba+ sa Jakobo se ne se le moo. Joale Jesu, a khathetse ka lebaka la leeto, o ne a lutse selibeng feela kamoo a neng a le kateng. E ne e ka ba hora ea botšelela.
7 Mosali oa Samaria a tla ho kha metsi. Jesu a re ho eena: “Mphe metsi ke noe.”
8 (Etsoe barutuoa ba hae ba ne ba ile motseng ho ea reka lijo.)
9 Ka hona mosali oa Mosamaria a re ho eena: “Ho tla joang hore uena, le hoja u le Mojuda, u nkōpe se nooang, ha ’na ke le mosali oa Mosamaria?” (Etsoe Bajuda ha ba na litšebelisano le Basamaria.)+
10 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Haeba u ne u tsebile mpho+ e sa lefelloeng ea Molimo le hore na ke mang+ ea reng ho uena, ‘Mphe metsi ke noe,’ u ka be u mo kōpile, ’me a ka be a u file metsi+ a phelang.”
11 A re ho eena: “Mohlomphehi, ha u na leha e le nkho ea ho kha metsi, ’me seliba se tebile. Ka hona, metsi aa a phelang ao u nang le oona a tsoa mohloling ofe?
12 Ha u moholo+ ho moholo-holo oa rōna Jakobo, ea ileng a re fa seliba sena le eo eena hammoho le bara ba hae le likhomo tsa hae ba ileng ba noa ho sona, na ha ho joalo?”
13 Ha Jesu a araba a re ho eena: “E mong le e mong ea noang metsi ana o tla boela a nyoroe.
14 Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla,+ empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi+ a tšikhunyang ho fana ka bophelo+ bo sa feleng.”
15 Mosali eo a re ho eena: “Mohlomphehi, mphe metsi ana, e le hore ke se ke ka nyoroa kapa ka ’na ka tla sebakeng sena ho kha metsi.”
16 A re ho eena: “Tsamaea, u bitse monna oa hao ’me u tle sebakeng sena.”
17 Ha mosali eo a araba a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho eena: “U boletse hantle, ‘Ha ke na monna.’
18 Etsoe u bile le banna ba bahlano, ’me monna eo u nang le eena hona joale hase monna oa hao. U boletse ’nete ho sena.”
19 Mosali eo a re ho eena: “Mohlomphehi, kea lemoha hore u moprofeta.+
20 Baholo-holo ba rōna ba ile ba rapela thabeng+ ena; empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela+ ho sona.”
21 Jesu a re ho eena: “Mosali, ntumele, Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela+ Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.+
22 Le rapela seo le sa se tsebeng;+ rōna re rapela seo re se tsebang, hobane poloko e simoloha ho Bajuda.+
23 Leha ho le joalo, hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea+ le ka ’nete,+ etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.+
24 Molimo ke Moea,+ ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.”+
25 Mosali eo a re ho eena: “Kea tseba hore Mesia+ oa tla, ea bitsoang Kreste.+ Neng kapa neng ha a fihla, o tla re bolella lintho tsohle pepenene.”
26 Jesu a re ho eena: “’Na ea buang le uena ke eena.”+
27 Joale nakong ena barutuoa ba hae ba fihla, ’me ba qala ho makala hobane o ne a bua le mosali. Ka ho hlakileng, ha ho ea ileng a re: “U batla’ng?” kapa, “Ke hobane’ng ha u bua le eena?”
28 Ka hona, mosali eo a siea nkho ea hae ea metsi ’me a kena motseng eaba o bolella batho:
29 “Tloong mona, le bone motho ea mpoleletseng lintho tsohle tseo ke li entseng. Na enoa mohlomong hase eena Kreste?”+
30 Ba tsoa motseng ’me ba qala ho tla ho eena.
31 Ho sa le joalo barutuoa ba ne ba mo phehella, ba re: “Rabi,+ ja.”
32 Empa a re ho bona: “Ke na le lijo tseo ke lokelang ho li ja tseo le sa tsebeng ka tsona.”
33 Ka hona barutuoa ba qala ho buisana ba re: “Na ho na le ea mo tliselitseng letho le jeoang?”
34 Jesu a re ho bona: “Lijo+ tsa ka ke hore ke etse thato+ ea ea nthomileng le hore ke qete mosebetsi+ oa hae.
35 Na ha le re ho sa ntse ho e-na le likhoeli tse ’nè pele kotulo e tla? Bonang! Ke re ho lōna: Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.+
36 Mokotuli o se a amohela moputso le ho bokella litholoana bakeng sa bophelo+ bo sa feleng, e le hore mojali le mokotuli+ ba ka thaba hammoho.+
37 Tabeng ena, ka sebele, polelo ena ke ’nete, E mong ke mojali ’me e mong ke mokotuli.
38 Ke le romile hore le kotule seo le sa sebetsang ho sona. Ba bang ba sebelitse,+ ’me le ruile molemo oa mosebetsi oa bona.”
39 Joale Basamaria ba bangata ba tsoang motseng oo ba beha tumelo+ ho eena ka lebaka la lentsoe la mosali eo ea ileng a re ha a paka: “O mpoleletse lintho tsohle tseo ke li entseng.”+
40 Ka hona ha Basamaria ba tla ho eena, ba qala ho mo kōpa hore a lule le bona; eaba o lula moo matsatsi+ a mabeli.
41 Ka lebaka leo ba bangata haholo ba lumela ka lebaka la seo se buileng,+
42 ’me ba qala ho re ho mosali eo: “Ha re sa lumela ka lebaka la puo ea hao; etsoe re ikutloetse+ ’me rea tseba hore monna enoa kannete-nete ke mopholosi+ oa lefatše.”
43 Ka mor’a matsatsi a mabeli a tloha moo a ea Galilea.+
44 Leha ho le joalo, Jesu a paka hore moprofeta ha a hlomphuoe+ naheng ea habo.
45 Ka hona, ha a fihla Galilea, Bagalilea ba mo amohela, hobane ba bone lintho tsohle tseo a li entseng Jerusalema moketeng,+ kaha le bona ba ne ba ile moketeng.+
46 Ka lebaka leo a boela a tla Kana+ ea Galilea, moo a neng a fetotse metsi veine.+ Joale ho ne ho e-na le mohlanka ea itseng oa morena eo mora oa hae a neng a kula Kapernauma.+
47 Ha monna enoa a utloa hore Jesu o ne a tsoile Judea ho kena Galilea, a tloha a ea ho eena ’me a qala ho mo kōpa hore a theohe ’me a folise mora oa hae, kaha o ne a le makhatheng a ho shoa.
48 Leha ho le joalo, Jesu a re ho eena: “Ntle le hore le bone lipontšo+ le limakatso,+ le ke ke la lumela.”
49 Mohlanka oa morena a re ho eena: “Morena, theoha pele ngoana oa ka e monyenyane a shoa.”
50 Jesu a re ho eena: “Tsamaea;+ mora oa hao oa phela.”+ Monna eo a lumela lentsoe leo Jesu a ileng a mo bolella lona eaba oa tsamaea.
51 Empa ha a ntse a le tseleng a theoha makhoba a hae a mo khahlanyetsa ho bolela hore moshanyana oa hae oa phela.+
52 Ka hona a qala ho a botsisisa hora eo a ileng a hlaphoheloa ka eona. Ka lebaka leo a re ho eena: “Maobane ka hora ea bosupa feberu+ e ile ea mo tlohela.”
53 Ka hona ntate eo a tseba hore e ne e le ka eona hora+ eo Jesu a ileng a re ho eena: “Mora oa hao oa phela.” ’Me eena le ba ntlo ea hae kaofela ba lumela.+
54 Hape ena e ne e le pontšo+ ea bobeli eo Jesu a ileng a e etsa ha a tsoa Judea a kena Galilea.