Johanne 20:1-31
20 Ka letsatsi+ la pele la beke Maria Magdalena a tla lebitleng la khopotso hoseng, ha ho sa ntse ho le lefifi, ’me a bona lejoe le se le tlositsoe lebitleng+ la khopotso.
2 Ka hona a matha ’me a tla ho Simone Petrose le ho morutuoa+ e mong, eo Jesu a neng a mo rata, ’me a re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng+ la khopotso, ’me ha re tsebe hore na ba mo behile hokae.”
3 Joale Petrose+ le morutuoa eo e mong ba tsoa ’me ba ea lebitleng la khopotso.
4 E, ba le babeli hammoho ba qala ho matha; empa morutuoa eo e mong a siea Petrose ka lebelo le leholo ’me a fihla lebitleng la khopotso pele.
5 Ha a nyarela, a bona masela a tlamisang fatše,+ empa leha ho le joalo ha aa ka a kena.
6 Joale Simone Petrose le eena a tla a mo latela, ’me a kena ka lebitleng la khopotso. A bona masela a tlamisang fatše,+
7 le lesela le neng le le hloohong ea hae le ne le se fatše le masela a tlamisang empa le phuthiloe le le ka thōko sebakeng se le seng.
8 Ka hona, ka nako eo, morutuoa eo e mong ea neng a fihlile lebitleng la khopotso pele le eena a kena, ’me a bona le ho lumela.
9 Etsoe ba ne ba e-s’o lemohe lengolo hore o tla tsoha bafung.+
10 Kahoo barutuoa ba khutlela mahaeng a bona.
11 Leha ho le joalo, Maria a ’na a ema ka ntle haufi le lebitla la khopotso, a lla. Joale, ha a ntse a lla, a nyarela ho sheba ka lebitleng la khopotso
12 ’me a bona mangeloi+ a mabeli a apere bosoeu le leng le lutse hloohong ’me le leng maotong moo setopo sa Jesu se neng se robetse teng.
13 A re ho eena: “Mosali, u llela’ng?” A re ho ’ona: “Ba tlositse Morena oa ka, ’me ha ke tsebe hore na ba mo behile hokae.”
14 Ka mor’a ho bua lintho tsena, a reteleha ’me a bona Jesu a eme, empa a se ke a lemoha hore ke Jesu.+
15 Jesu a re ho eena: “Mosali, u llela’ng? U batla mang?”+ Eena, ka ho nahana hore e ne e le mohlokomeli oa serapa, a re ho eena: “Mohlomphehi, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile hokae, ’me ke tla mo tlosa.”
16 Jesu a re ho eena: “Maria!”+ Ha a reteleha, a re ho eena, ka Seheberu: “Rabboni!”+ (ho bolelang “Mosuoe!”)
17 Jesu a re ho eena: “Khaotsa ho ’mamarela. Etsoe ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate. Empa e-ea ho barab’eso+ ’me u re ho bona, ‘Ke nyolohela ho Ntate+ le Ntat’a lōna le ho Molimo+ oa ka le Molimo+ oa lōna.’”
18 Maria Magdalena a tla ’me a tlisa litaba tsena ho barutuoa: “Ke bone Morena!” le hore o mo boleletse lintho tsena.+
19 Ka hona, ha nako e se e ile letsatsing leo, la pele bekeng,+ ’me, le hoja menyako e ne e notletsoe moo barutuoa ba neng ba le hona teng ka lebaka la ho tšaba+ Bajuda, Jesu a tla+ ’me a ema har’a bona eaba o re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso.”+
20 Ka mor’a hore a bue sena a ba bontša matsoho le lehlakore+ la hae. Joale barutuoa ba thaba+ ha ba bona Morena.
21 Ka hona, Jesu a boela a re ho bona: “E se eka le ka ba le khotso. Feela joalokaha Ntate a nthomile,+ le ’na kea le roma.”+
22 Ka mor’a hore a bue sena a ba bululela ’me a re ho bona: “Amohelang moea o halalelang.+
23 Haeba le tšoarela libe tsa batho+ leha e le bafe, li lula li tšoaretsoe bona; haeba le boloka tsa batho leha e le bafe, li lula li bolokiloe.”+
24 Empa Thomase,+ e mong oa ba leshome le metso e ’meli, ea neng a bitsoa Lefahla, o ne a le sieo ho bona ha Jesu a tla.
25 Ka lebaka leo barutuoa ba bang ba ne ba re ho eena: “Re bone Morena!” Empa a re ho bona: “Ntle le hore ke bone masoba a lipekere matsohong a hae ’me ke kenye monoana masobeng a lipekere le ho kenya letsoho lehlakoreng+ la hae, ka sebele nke ke ka lumela.”+
26 Joale, matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba hae ba ne ba le ka tlung hape, ’me Thomase a e-na le bona. Jesu a tla, le hoja menyako e ne e notletsoe, ’me a ema har’a bona eaba o re: “E se eka le ka ba le khotso.”+
27 Ka mor’a moo a re ho Thomase: “Kenya monoana oa hao mona, u bone matsoho a ka, ’me u nke letsoho+ la hao u le kenye lehlakoreng la ka, ’me u khaotse ho se lumele empa u lumele.”
28 Ha Thomase a araba a re ho eena: “Morena oa ka le Molimo+ oa ka!”
29 Jesu a re ho eena: “Na u lumetse kahobane u mpone? Ho thaba ba sa boneng ’me leha ho le joalo ba lumela.”+
30 Ka sebele, Jesu o ile a etsa lipontšo tse ling tse ngata ka pel’a barutuoa, tse sa ngoloang moqolong+ ona.
31 Empa tsena li ngotsoe fatše+ e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo, le hore, ka lebaka la ho lumela,+ le ka ba le bophelo ka lebitso la hae.