Jobo 9:1-35
9 Jobo a araba a re:
2 “Kannete kea tseba hore ho joalo.Empa motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang nyeoeng le Molimo?+
3 Haeba a ka khahloa ke ho tsekisana le eena,+A ke ke a mo araba hang makhetlong a sekete.
4 O pelo e bohlale ’me o matla.+Ke mang ea ka bontšang manganga ho eena ebe ha a hlahe kotsi?+
5 O suthisa lithaba,+ hoo batho ba sa li tsebeng,Eena ea li helelitseng bohaleng ba hae.+
6 O etsa hore lefatše le qale ho sisinyeha sebakeng sa lona,Hoo litšiea+ tsa lona li reketlang.
7 O bolella letsatsi hore le se ke la khanya,O beha tiiso ho pota linaleli,+
8 O otlolla maholimo+O hatakela maqhubu a phahameng a leoatle;+
9 O etsa sehlopha sa linaleli sa Ashe, sehlopha sa linaleli sa Kesile,Le sehlopha sa linaleli sa Kima+ le likamore tse ka hare tsa Boroa;
10 O etsa lintho tse khōlō tse ke keng tsa batlisisoa,+Le lintho tse hlollang tse se nang palo.+
11 Bona! O feta pel’a ka ’me ha ke mo bone,O fetela pele ’me ha ke mo lemohe.+
12 Bona! Oa hloibila. Ke mang ea ka mo hanyetsang?Ke mang ea tla re ho eena, ‘U etsa’ng?’+
13 Molimo a ke ke a khutlisa bohale ba hae;+Ba thusang mohlaseli+ ba tla inama ka tlas’a hae.
14 Ho joalo hakaakang haeba nka mo araba!Ke tla khetha mantsoe a ka ho eena,+
15 Eena eo ke neng nke ke ka mo araba, le hoja ke ne ke hlile ke nepile.+Ke ne ke tla kōpa mohau ho ea nkhanyetsang molaong.+
16 Haeba ke ne ke mo bitsitse, na o ne a tla nkaraba?+Ha ke lumele hore o ne a tla mamela lentsoe la ka;
17 Eena ea ntematsang ka sefefoLe eo ka sebele a ngatafatsang maqeba a ka ntle ho lebaka.+
18 A ke ke a ntumella hore ke ntše letšoeea,+Etsoe o ntse a nkhorisa lintho tse bohloko.
19 Haeba mang kapa mang a le matla, ke eo;+Haeba mang kapa mang a le matla tokeng, hoja nka bitsoa!
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo oa ka o ne o tla phatlalatsa hore ke khopo;Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, joale o ne a tla phatlalatsa hore ke khopame.
21 Haeba ke ne ke sa tšoauoe phoso, ke ne nke ke ka tseba moea oa ka;Ke ne ke tla hana bophelo ba ka.
22 Ho na le ntho e le ’ngoe. Ke ka lebaka leo ke reng,‘Ea sa tšoauoeng phoso, le ea khopo, oa ba felisa.’+
23 Haeba moroallo o phoroselang o ka baka lefu ka tšohanyetso,O ne a tla soma ho felloa ke tšepo ha ba hlokang molato.
24 Lefatše ho nehelanoe ka lona letsohong la ea khopo;+O koahela lifahleho tsa baahloli ba lona.Haeba ho se joalo, he, ke mang?
25 Hape matsatsi a ka a phakisitse ho feta semathi;+A balehile, ka sebele a ke ke a bona se molemo.
26 A tsamaile joaloka likepe tsa lehlaka,Joaloka ntsu e potlakelang koana le koana bakeng sa se jeoang.+
27 Haeba ke itse, ‘E-re ke lebale ho tšoenyeha+ ha ka,E-re ke fetole sefahleho+ sa ka ’me ke hlasimolohe,’
28 Ke tšohile bohloko+ bohle ba ka;Kea tseba hore u ke ke ua nkuka ke le ea hlokang molato.
29 Ke lokela ho ba khopo.Ke hobane’ng ha ke sehlela lefeela?+
30 Haeba ke itlhatsoitse metsing a lehloa,Ke hloekisitse matsoho a ka ka makhona-tsohle,+
31 Joale u ne u tla nkenya ka sekoting,Ka sebele liaparo tsa ka li ne li tla ntlhoea.
32 Etsoe hase motho+ ea tšoanang le ’na hore nka mo araba,E le hore re ka kopana hammoho kahlolong.
33 Ha ho motho ea ka etsang qeto pakeng tsa rōna,+E le hore a ka beha letsoho la hae holim ’a rōna ka bobeli.
34 A ke a tlose molamu oa hae holim ’a ka,+Ho tšabeha ha hae, ho se ke ha ntšosa.
35 E-re ke bue ’me ke se ke ka mo tšaba,Etsoe ha ke na tšekamelo e joalo.