Jobo 7:1-21
7 “Na lefatšeng ha ho na mosebetsi o qobelloang+ bakeng sa motho ea shoang,Na matsatsi a hae ha a joaloka matsatsi a mosebetsi ea hiriloeng?+
2 O labalabela moriti+ joaloka lekhoba,O letela moputso+ oa hae joaloka mosebetsi ea hiriloeng.
3 Ka tsela eo ke entsoe hore ke rue likhoeli+ tse se nang thuso,Ba mpaletse masiu a khathatso.+
4 Ha ke robetse ke boetse ka re, ‘Ke tla tsoha+ neng?’Ha shoalane e phetha tekanyo ea eona, ke boetse ka khora ho hloka phomolo ho fihlela ka meso.
5 Nama ea ka e apere tšenyane+ le makote;+Letlalo la ka le entse khoo ’me lea petla.+
6 Matsatsi a ka a phakisitse+ ho feta nale ea selohi,A fela ka ho hloka tšepo.+
7 Hopola hore bophelo ba ka ke moea;+Hore leihlo la ka le ke ke la hlola le bona se molemo.
8 Leihlo la ea mponang le ke ke la ntalima;Mahlo a hao a tla ba ho ’na, empa ke tla be ke le sieo.+
9 Ka sebele leru lea fela ’me lea tsamaea;Ka ho tšoanang ea theohelang Sheole a ke ke a nyoloha.+
10 Ha a sa tla hlola a khutlela ka tlung ea hae,Sebaka sa hae ha se sa tla hlola se mo amohela.+
11 Le ’na, nke ke ka thiba molomo oa ka.Ke tla bua mahlomoleng a moea oa ka;Ke tla ameha ka bohloko ba moea oa ka!+
12 Na ’na ke leoatle kapa phoofolo ea tonanahali ea leoatle,Hoo u lokelang ho beha molebeli+ holim ’a ka?
13 Ha ke re, ‘Setulo sa ka se kang moalo se tla ntšelisa,Bethe ea ka e tla jara ho tšoenyeha ha ka,’
14 U ntšositse ka litoro,Ka lipono u etsa hore ke qale ho tšoha,
15 Hoo moea oa ka o khethang ho bipetsana,O khetha lefu+ ho e-na le masapo a ka.
16 Ke bo lahlile;+ ke ne nke ke ka phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang.Ntlohele, etsoe matsatsi a ka ke pululo.+
17 Motho ea shoang+ ke eng e le hore u ka mo hōlisa,Le hore u behe pelo ea hao ho eena,
18 Le hore u mo ele hloko hoseng ho hong le ho hong,Hore u mo leke ka motsotso o mong le o mong?+
19 Ke hobane’ng ha u sa khaotse ho ntalimisisa,+Kapa u ntlohele ho fihlela ke metsa mathe?
20 Haeba ke entse sebe, ke tla finyella eng khahlanong le uena, Ea Talimang moloko oa batho?+Ke hobane’ng ha u mpehile ke le seo u se korotseng, hoo ke lokelang ho ba moroalo ho uena?
21 Ke hobane’ng ha u sa tšoarele tlōlo+ ea kaU hlokomolohe phoso ea ka?Etsoe joale ke tla robala lerōleng;+Ka sebele u tla mpatla, ’me ke tla be ke le sieo.”