Jobo 40:1-24
40 Jehova a araba Jobo a re:
2 “Na ea tšoaeang liphoso o lokela ho tsekisana le Ea Matla ’Ohle?+Ea khalemelang Molimo a ke a arabe.”+
3 Jobo a araba Jehova a re:
4 “Bona! Ke fetohile eo e seng oa bohlokoa.+Ke tla u araba ke re’ng?Ke behile letsoho molomong.+
5 Ke buile hang, ’me nke ke ka araba;Ke buile habeli, ’me nke ke ka eketsa ka letho.”
6 Jehova a araba Jobo a le sefefong+ a re:
7 “Ka kōpo, itlame letheka joaloka monna ea shahlileng;+Ke tla u botsa, ’me u ntsebise.+
8 Na ka sebele u tla etsa toka ea ka lefeela?Na u tla phatlalatsa hore ke khopo e le hore u ka ba ea nepileng?+
9 Kapa na u na le letsoho le tšoanang le la Molimo oa ’nete,+Na u ka etsa hore ho be le sealuma ka lentsoe le tšoanang le la hae?+
10 Ka kōpo, ikhabise ka bokhabane+ le bophahamo;+E se eka u ka apara ho hlompheha+ le khanya.+
11 Ho tlakoloha ha hao ka bohale+ ho ke ho phalle,U bone e mong le e mong ea ikhohomosang ’me u mo theolele tlaase.
12 Bona e mong le e mong ea ikhohomosang, mo kokobetse,+U hatakele ba khopo hona moo ba leng teng.
13 Ba pate hammoho lerōleng,+Koahela lifahleho tsa bona sebakeng se patehileng,
14 Ke tla u babatsa,Kahobane letsoho la hao le letona le ka u pholosa.
15 Joale, Behemothe ke ena eo ke e entseng hammoho le uena.E ja joang bo botala+ joaloka poho.
16 Bona! joale, matla a eona a lethekeng la eona,Matla a eona a maholo+ a mesifeng ea mpa ea eona.
17 E koba mohatla oa eona joaloka kedare;Mesifa ea lirope tsa eona e rarahane.
18 Masapo a eona ke mathōpo a koporo;Masapo a eona a thata a joaloka melamu ea tšepe e teiloeng.
19 Ke tšimoloho ea litsela tsa Molimo;Moetsi+ oa eona a ka atametsa sabole.
20 Etsoe lithaba li e hlahisetsa lihlahisoa tsa tsona,+Libata tsohle tsa naha li bapalla moo.
21 E botha tlas’a lifate tsa lotase tse meutloa,Sebakeng se patehileng sa lehlaka+ le sebakeng se qhafu-qhafu.+
22 Lifate tsa lotase tse meutloa li e boloka e sirehile ka moriti oa tsona;Lipopoliri tsa phula ea molapo o phoroselang li e lika-likelitse.
23 Haeba nōka e phalla ka sekhahla, ha e mathe e tšohile.E sebete, le hoja Jordane+ e ka akhotsehela molomong oa eona.
24 Na ho na le ea ka e tšoasang e ntse e shebile?Na ho na le ea ka e phunyang nko ka maraba?