Jobo 37:1-24
37 “Pelo ea ka e qala ho thothometsoa ke sena,+E tlōla sebakeng sa eona.
2 Mamelang ka hloko ho thoathoaretsa ha lentsoe la hae,+Le ho korotla ho tsoang molomong oa hae.
3 O ho lokollela tlas’a maholimo ’ohle,Lehalima+ la hae le fihla lipheletsong tsa lefatše.
4 Molumo o puruma ka mor’a lona;O luma+ ka molumo oa bophahamo+ ba hae,Ha a li thibe ha lentsoe la hae le utluoa.+
5 Molimo o luma ka lentsoe+ la hae ka tsela e hlollang,O etsa lintho tse khōlō tseo re ke keng ra li tseba.+
6 Etsoe o re ho lehloa, ‘Khethehela lefatšeng,’+Ho pula ea litloebelele, le ho pula ea litloebelele ea lipula tsa hae tse matla.+
7 O beha tiiso letsohong la motho e mong le e mong oa lefatšeHore motho e mong le e mong ea shoang a tsebe mosebetsi oa hae.
8 Sebata se kena moo se lallang teng,Se lula libakeng tseo se ipatang ho tsona.+
9 Moea oa sefefo o tsoa kamoreng e ka hare+Serame se tsoa meeeng ea leboea.+
10 Ka phefumoloho ea Molimo ho fanoa ka leqhoa+Bophara ba metsi boa thibeloa.+
11 E, o imetsa leru ka mongobo,Leseli+ la hae le hasanya leru,
12 Le ntse le reteletsoa ke ho a tsamaisa ha hae bakeng sa mosebetsi oa ’onaKae kapa kae moo a a laelang+ teng holim ’a naha e behang ea lefatše.
13 Ebang ke bakeng sa thupa+ kapa bakeng sa naha+ ea haeKapa bakeng sa mosa o lerato,+ o etsa hore le hlahise liphello.
14 Mamela sena, Uena Jobo;Ema ’me u iponahatse u ela hloko mesebetsi e hlollang ea Molimo.+
15 Na ua tseba hore Molimo o behile taetsano neng holim ’a ’ona,+Le hore na o entse hore leseli la leru la hae le khanye neng?
16 Na u tseba ho leketla ha leru,+Mesebetsi e hlollang ea Ea phethahetseng tsebong?+
17 Hore na ke joang liaparo tsa hao li chesangHa lefatše le bontša khutso ka boroa?+
18 Na u ka tea maholimo+ le eenaKa matla joaloka seipone se entsoeng ka ho qhibilihisoa?
19 Re bolelle seo re lokelang ho mo bolella sona;Re ke ke ra bua mantsoe ka lebaka la lefifi.
20 Na o lokela ho bolelloa hore ke tla bua?Kapa ho na le motho leha e le ofe ea itseng ho tla buisanoa?+
21 Ka sebele joale ha ba bone leseli;Lea phatsima maholimong,Ha moea o fetile ’me o a hloekisitse.
22 Botle ba khauta bo tsoa leboea.Ho hlompheha+ hoa tšabeha ho Molimo.
23 Ha e le Ea Matla ’Ohle, ha rea mo fumana;+O phahame matleng,+A ke ke a nyenyefatsa+ toka+ le ho loka+ ho hongata.
24 Ka hona batho ba ke ba mo tšabe.+Ha a ele hloko leha e le bafe ba lokileng ka lipelong tsa bona.”+