Jobo 34:1-37
34 Elihu a tsoela pele ho araba ’me a re:
2 “Mamelang mantsoe a ka, lōna ba bohlale;Le lōna ba tsebang, ’mameleng.
3 Etsoe tsebe e leka mantsoe,+Feela joalokaha mahalapa a latsoa ha motho a ja.+
4 A re ikhetheleng kahlolo;A re tsebeng se molemo.
5 Etsoe Jobo o itse, ‘Ka sebele ke nepile,+Empa Molimo o khelositse kahlolo ea ka.+
6 Na ke bolela mashano khahlanong le kahlolo ea ka?Leqeba la ka le lebe ha le phekolehe le hoja ho se na tlōlo.’+
7 Ke monna ofe ea shahlileng ea joaloka Jobo,+Ea noang litšeho joaloka metsi?+
8 Ka sebele o tseleng e eang setsoalleng le ba tloaetseng ho etsa se kotsiLe ho tsamaeeng le batho ba khopo.+
9 Etsoe o itse, ‘Monna ea shahlileng ha a rue letho+Ka ho ithabela ho Molimo.’
10 Ka hona, lōna banna ba nang le kutloisiso,+ ’mameleng.Ho ke ho be hōle le Molimo oa ’nete hore a sebetse bokhopo,+Le hore Ea Matla ’Ohle a sebetse ka mokhoa o hlokang toka!+
11 Etsoe o tla putsa+ motho oa lefatše ho ea ka tsela eo a sebetsang ka eona,O tla etsa hore motho a etsahalloe ke ho hong ho ea ka tsela ea hae.
12 E, kannete, Molimo ha a sebetse bokhopo,+Ea Matla ’Ohle ha a khopamise kahlolo.+
13 Ke mang ea mo abetseng lefatše,Ke mang ea mo behetseng naha e behang, kaofela ha eona?
14 Haeba a beha pelo ho mang kapa mang,Haeba a inkela moea le phefumoloho ea eo,+
15 Nama eohle e tla timela hammoho,Motho oa lefatše o tla khutlela lerōleng.+
16 Kahoo haeba le na le kutloisiso, mamelang sena;Mamelang molumo oa mantsoe a ka.
17 Ka sebele na leha e le ofe ea hloileng toka o tla laola,+Haeba motho ea matla a lokile na le tla phatlalatsa hore o khopo?+
18 Na motho o tla re ho morena, ‘Ha u na molemo’?A re ho bahlomphehi, ‘Le khopo’?+
19 Ho na le E Mong ea sa bontšang leeme ho likhosanaLe ea sa nahanelang ea hlomphehang+ ho feta ea tlaase,Etsoe kaofela ha bona ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
20 Ka motsotsoana baa shoa,+ esita le har’a bosiu;+Batho baa hlokoleha ’me baa feta,Ba matla baa feta empa eseng ka letsoho+ la motho.
21 Etsoe mahlo a hae a holim ’a litsela tsa motho,+O bona mehato eohle ea hae.
22 Ha ho botšo kapa moriti o lefifiBakeng sa hore ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba ipate moo.+
23 Etsoe ha a behele motho leha e le ofe nako e behiloengHore a ee ho Molimo kahlolong.
24 O thumakanya ba matla+ kantle le ho batlisisa,O emisa ba bang sebakeng sa bona.+
25 Ka hona o hlokomela seo mesebetsi ea bona e leng sona,+Oa ba liha bosiu, ’me baa silakanngoa.+
26 O ba jabela joaloka ba khopoMoo ho nang le bashebelli;+
27 Ka lebaka la hore ba khelohile hore ba se ke ba mo latela,+Ha baa nahana ka litsela tsa hae,+
28 E le ho etsa hore mohoo oa ea tlaase o fihle ho eena;Kahoo o utloa mohoo oa ba hlorileng.+
29 Ha a tlisa khutso, joale, ke mang ea ka mo ahlolang?Ha a pata sefahleho+ sa hae, ke mang ea ka mo bonang,Ebang o se patela sechaba+ kapa motho, e le ntho e tšoanang?
30 E le hore mokoenehi a se ke a busa,+Kapa hore ho be le maraba+ a sechaba.
31 Etsoe na ho na le ea ka reng ho Molimo,‘Ke mameletse, le hoja ke sa sebetse ka bobolu;+
32 Le hoja ke sa bone letho, u nthute;Haeba ke entse ho se loke leha e le hofe,Nke ke ka ho etsa hape’?+
33 Na o tla u buseletsa ho ea ka pono ea hao kahobane u hana kahlolo,Kahobane ke uena ea khethang, eseng ’na?Seo u se tsebang hantle, se bue.
34 Batho ba nang le kutloisiso+ ba tla re ho ’na—Esita le monna ea shahlileng ea bohlale ea ’mamelang,
35 ‘Jobo o bua ntle ho tsebo,+Mantsoe a hae ha a na temohisiso.’
36 Ntate, Jobo a ke a lekoe ho feta kamoo a ka mamellang katengKa lebaka la likarabo tsa hae har’a batho ba babe.+
37 Etsoe o eketsa bofetoheli+ sebeng sa hae;O opa liatla har’a rōna ’me o atisa lipolelo tsa hae khahlanong le Molimo oa ’nete!”+