Jobo 30:1-31
30 “Joale ba ntšehile,+Ba banyenyane ho ’na ka matsatsi,+Bao bo-ntat’a bona nka beng ke hanneHo ba beha le lintja tsa mohlape oa ka.
2 Esita le matla a matsoho a bona—a ne a e-na le thuso efe ho ’na?Ba feletsoe ke mahlahahlaha.+
3 Ha ba na thuso ka lebaka la bohloki le tlala,Ba kokona sebaka se se nang metsi,+Moo maobane ho neng ho e-na le sefefo le lesupi.
4 Ba ne ba kha setlama sa letsoai lihlahleng,Metso ea lihlahla tsa lefielo e ne e le lijo tsa bona.
5 Ba ne ba lelekoa motseng;+Batho ba ne ba ba hoeletsa joalokaha eka ba hoeletsa lesholu.
6 Ba lokela ho lula letsoapong la liphula tsa melapo e phoroselang,Likoting tse fatše le mafikeng.
7 Ba ne ba hooa har’a lihlahla;Ba ne ba iketsa seqhoqho tlas’a bobatsi.
8 Bara ba ea se nang kelello,+ le bara ba ea se nang lebitso,Ba otliloe hore ba tsoe naheng.
9 Joale ke fetohile sehlooho sa pina+ ea bona,’Na ke sesomo+ ho bona.
10 Ba ntlhoile, ba luleletse hōle le ’na;+Ha ba ithibe hore ba se ke ba ntšoela ka mathe.+
11 Etsoe o ile a lokolla khoele ea seqha sa ka ’me a nkokobetsa,Ba tlohetse tōmo e lokolotsoe ka lebaka la ka.
12 Ba tsoha joaloka malinyane ka letsohong la ka le letona;Ba tlohetse maoto a ka hore a tsamaee,Empa ba nkahetse mekoallo+ ea bona e bakang koluoa.
13 Ba qhaqhile litsela tsa ka;Molemo oa bona e bile tsietsi feela ho ’na,+Ba se na mothusi leha e le ofe.
14 Ba ile ba tla joalokaha eka ba tsoa lekhalong le pharaletseng;Ba hoholehile tlas’a sefefo.
15 Ke hlasetsoe ke matšabeho a tšohanyetso;Ho ba seriti ha ka ho lelekisoa joaloka moea,Poloko ea ka e fetile joaloka leru.
16 Joale moea oa ka oa tšoloha ka hare ho ’na;+Matsatsi a mahloreho+ aa ntšoara.
17 Masapo+ a ka a phuntsoe bosiu ’me a tsoile ho ’na,Bohloko bo nkokonang ha bo kokobele.+
18 Seaparo sa ka sea fetoha ka lebaka la matla a mangata;Se ntlama joaloka molala oa seaparo sa ka se selelele.
19 O ntheoletse letsopeng,Hoo ke iponahatsang ke le joaloka lerōle le molora.
20 Ke hoeletsa ho uena ho kōpa thuso, empa ha u nkarabe;+Ke eme, e le hore u ka nkela hloko.
21 U iphetola hore u be ea sehlōhō ho ’na;+U nkoetlela lehloeo ka matla a feletseng a letsoho la hao.
22 U mphahamisetsa moeeng, u mpalamisa oona;Joale u nqhibilihisa ka molumo o lerata.
23 Etsoe kea tseba hore u tla etsa hore ke khutlele lefung,+Le ntlong ea pokano bakeng sa e mong le e mong ea phelang.
24 Feela ha ho ea otlollang letsoho la hae khahlanong le qubu ea lithako,+Leha e le hore ho ba le mohoo o kōpang thuso nakong ea ho felloa ha motho ke matla mabapi le lintho tseo.
25 Ka sebele ke lletse ea nang le letsatsi le boima;+Moea oa ka o saretsoe ka lebaka la mofutsana.+
26 Le hoja ke letetse se molemo, empa leha ho le joalo ho ile ha tla bobe;+Ka ’na ka letela leseli, empa ha tla botšo.
27 Mala a ka a ile a lubeha ’me ha aa ka a khutsa;Ke ile ka tobana le matsatsi a mahloreho.
28 Ka tsamaea ke hlomohile+ ha ho se na khanya ea letsatsi;Ka ema phuthehong, ka ’na ka hoeletsa ho kōpa thuso.
29 Ka fetoha mor’abo liphokojoe,Le motsoalle oa malinyane a matšehali a mpshe.+
30 Letlalo la ka la ntšofala+ ’me la mumuha,Masapo a ka a chesa ke ho oma.
31 Harepa ea ka ea e-ba ea ho siama feela,Phala ea ka ea e-ba ea mantsoe a ba llang.