Jobo 27:1-23
27 Jobo a boela a bua puo ea hae ea maele+ ’me a tsoela pele ho re:
2 “Ka Molimo ea phelang,+ ea tlositseng kahlolo+ ea ka,Le ka Ea Matla ’Ohle ea phelang, ea utloisitseng moea oa ka bohloko,+
3 Ha phefumoloho ea ka e sa ntse e feletse ka hare ho ’na,Moea oa Molimo o le linkong tsa ka,+
4 Molomo oa ka o ke ke oa bua ho se lokeLeleme la ka le ke ke la honotha thetso!
5 Ke ho sa utloahaleng hore ke bolele hore le lokile!+Nke ke ka tlosa botšepehi+ ba ka ho ’na ho fihlela ke shoa!
6 Ke tšoere toka ea ka, ’me nke ke ka e tlohela;+Pelo ea ka e ke ke ea ’nyelisa ka matsatsi leha e le afe a ka.+
7 Sera sa ka se ke se fetohe motho ea khopo+ ka litsela tsohle,Ka sebele ea mphetohelang a fetohe mofosi.
8 Etsoe tšepo ea mokoenehi ke eng haeba a mo felisa,+Haeba Molimo a tlosa moea oa hae ho eena?+
9 Na Molimo o tla utloa mohoo oa haeHaeba mahlomola a mo oela holimo?+
10 Kapa o tla fumana thabo e phethehileng ho Ea Matla ’Ohle?Na o tla hooa ho Molimo ka linako tsohle?
11 Ke tla le rupela ka letsoho la Molimo;Nke ke ka pata+ se leng ho Ea Matla ’Ohle.
12 Bonang! Le bone lipono kaofela ha lōna;Kahoo ke hobane’ng ha le iponahatsa le se na thuso ka ho feletseng?+
13 Ena ke kabelo ea motho ea khopo e tsoang ho Molimo;+Ba tla fumana lefa la bahatelli ho Ea Matla ’Ohle.
14 Haeba bara ba hae ba ngatafala, ke bakeng sa sabole;+Litloholo tsa hae li ke ke tsa e-ba le lijo tse lekaneng.
15 Baphonyohi ba hae ba tla patoa nakong ea lefu la seoa le bolaeang,Bahlolohali ba bona ba ke ke ba lla.+
16 Haeba a ka bokella silevera joaloka lerōle,A lokisa liaparo feela joalokaha eka ke letsopa,
17 O ne a tla lokisa, empa ea lokileng ke eena ea neng a tla apara,+Ea hlokang molato ke eena ea neng a tla ba le karolo silevereng.
18 O hahile ntlo ea hae joaloka tšoèlè,Le joaloka lephephe+ le entsoeng ke molebeli.
19 O tla robala a ruile, empa ha ho letho le tla bokelloa;O tutubolotse mahlo a hae, empa ho ke ke ha e-ba le letho.+
20 Matšabeho a tšohanyetso a tla mo fihlela+ joaloka metsi;Ka sebele moea oa sefefo o tla mo utsoa bosiu.
21 Moea oa bochabela o tla mo fefola+ ’me a tsamaee,O tla mo fefola o mo tlose sebakeng sa hae.+
22 O tla itahlela ho eena ’me o se ke oa e-ba le qenehelo;+Ruri o tla leka ho baleha matleng a oona.+
23 Motho o tla mo opela liatla+A mo letsetse mololi+ sebakeng sa hae.