Jobo 21:1-34
21 Jobo a araba a re:
2 “Mamelang lentsoe la ka ka hloko,Sena e ke e be matšeliso a lōna.
3 ’Mamelleng, ’me ke tla bua;Ka mor’a ho bua e mong le e mong oa lōna a ka ’na a mphetola litšeho.+
4 Ha e le ’na, na ho tšoenyeha ha ka ho bontšoa ho motho?Kapa ke hobane’ng ha moea oa ka o sa fele pelo?
5 Retelletsang lifahleho ho ’na ’me le shebe ka ho makala,Le behe matsoho a lōna melomong.+
6 Haeba ke hopotse, ke boetse ke khathatsehile,Nama ea ka e tšoeroe ke ho tlakasela.
7 Ke hobane’ng ha ba khopo ba ntse ba phela,+Ba tsofetse, hape ba phahame leruong?+
8 Bana ba bona ba tiisitsoe ho bona ka thata mahlong a bona,Le litloholo tsa bona ka pel’a mahlo a bona.
9 Matlo a bona ke khotso, ha a na tšabo,+Molamu oa Molimo ha o holim ’a bona.
10 Poho ea hae ea emarisa, ’me ha e senye peō;Khomo ea hae ea sethole ea tsoala+ ’me ha e folotse.
11 Ba ntse ba romela bashanyana ba bona feela joaloka mohlape,Bana ba bona ba batona ba ntse ba tlōla-tlōla.
12 Ba tsoela pele ho phahamisa mantsoe ka moropa o monyenyane le harepa,+Ba ntse ba thaba ka lebaka la molumo oa phala.
13 Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa,+Ka motsotsoana ba theohela Sheole.
14 Ba re ho Molimo oa ’nete, ‘Tloha ho rōna!+Ha rea khahloa ke tsebo ea litsela tsa hao.+
15 Ea Matla ’Ohle ke eng, hore re mo sebeletse,+Re rua molemo oa eng ka hore ebe re kopane le eena?’+
16 Bonang! Boiketlo ba bona ha bo matleng a bona.+Merero ea ba khopo e hōle le ’na.+
17 Lebone la ba khopo le tima+ ka makhetlo a makae,Tlokotsi ea bona e ba oela holimo ka makhetlo a makae?O aba timetso+ ka makhetlo a makae bohaleng ba hae?
18 Na ba ba joaloka joang ka pel’a moea,+Le joaloka ’mōkō oo moea oa sefefo o o utsoitseng?
19 Molimo o tla bolokela bara ba motho bobe ba hae;+O tla mo putsa e le hore a ka tseba.+
20 Mahlo a hae a tla bona ho felloa ha hae ke matla,O tla noa+ khalefo ea Ea Matla ’Ohle.
21 Etsoe thabo ea hae e tla ba eng ntlong ea hae ka mor’a hae,Ha ka sebele palo ea likhoeli tsa hae e tla khaoloa ka lehare?+
22 Na o tla ruta Molimo tsebo,+Ha Eo a ahlola ba phahameng?+
23 Enoa o tla shoa nakong ea ho itjara ha hae ka botlalo,+Ha a se na matšoenyeho ka ho feletseng ’me a lutse ka boiketlo;
24 Ha lirope tsa hae li tletse mafuraMoko oa masapo a hae o ntse o bolokoa o le mongobo.
25 Enoa e mong o tla shoa ka moea o bohlokoHa a sa ja lintho tse molemo.+
26 Ba tla robala hammoho lerōleng+Tšenyane e tla ba koahela.+
27 Bonang! Ke tseba menahano ea lōna hantleLe merero eo le neng le tla nketsa ka eona ka mabifi.+
28 Etsoe le re, ‘Ntlo ea ea hlomphehang e hokae,Litente, litabernakele tsa ba khopo li hokae?’+
29 Na ha lea botsa ba tsamaeang tseleng?Na ha le hlahlobisise lipontšo tsa bona ka hloko,
30 Hore letsatsing la koluoa e mobe oa qeneheloa,+Letsatsing la khalefo oa lopolloa?
31 Ke mang ea tla mo bolella tsela ea hae ka pel’a mahlo a hae?+Ke mang ea tla mo putsa bakeng sa seo a se entseng?+
32 Ha e le eena, o tla tlisoa mabitleng,+Ho tla lebeloa lebitla.
33 Ka sebele makote a phula ea molapo o phoroselang a tla ba monate,+O tla hula moloko oohle oa batho ka mor’a hae,+Ba ka pel’a hae ba ne ba se na palo.
34 Kahoo le leka ho ntšelisa ka tsela e se nang thuso hakaakang,+Likarabo tsa lōna li sala e le ho se tšepahale!”