Jobo 14:1-22
14 “Motho, ea tsoetsoeng ke mosali,+O phela hakhutšoanyane+ ’me o khotše likhathatso.+
2 O hlahile joaloka thunthung ’me oa khaoloa,+O baleha joaloka moriti+ ’me ha a tsoele pele a le teng.
3 E, u tutubolletse enoa mahlo a hao,’Na u ntlisa kahlolong+ ho uena.
4 Ke mang ea ka hlahisang motho ea hloekileng ho motho ea sa hloekang?+Ha ho le ea mong.
5 Haeba matsatsi a hae a etselitsoe qeto,+Palo ea likhoeli tsa hae e ho uena;U mo etselitse molao-taelo oo a ke keng a o tlōla.
6 Khaotsa ho mo talimisisa e le hore a ka phomola,+Ho fihlela a thaba joalokaha mosebetsi ea hiriloeng a thaba letsatsing la hae.
7 Etsoe le sefate se na le tšepo.Haeba se rengoa, se tla hlōmela hape,+Lekala la sona le ke ke la e-ba sieo.
8 Haeba motso oa sona o tsofala mobungKutu ea sona e shoela lerōleng,
9 Se tla hlōmela ka lebaka la monko oa metsi+Ka sebele se tla hlahisa lekala joaloka semela se secha.+
10 Empa monna ea shahlileng oa shoa ’me o rapalla e le ea hlōtsoeng;Motho oa lefatše oa shoa, ’me o hokae?+
11 Metsi aa nyamela leoatleng,Nōka ea psha ’me ea oma.+
12 Motho o boetse o lokela ho robala ’me ha a tsohe.+Ba ke ke ba tsoha ho fihlela leholimo le le sieo,+Kapa ba tsosoe borokong+ ba bona.
13 Hoja u ka mpata Sheole,+Ua mpoloka sephiring ho fihlela bohale ba hao bo tloha,Ua ntekanyetsa+ nako ’me ua nkhopola!+
14 Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?+Ke tla leta+ ka matsatsi ’ohle a mosebetsi oa ka o qobelloang,Ho fihlela phomolo ea ka e fihla.+
15 U tla hooa, ’me ke tla u araba.+U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.
16 Etsoe joale u ntse u bala mehato ea ka;+Ha u talime letho haese sebe sa ka.+
17 Bofetoheli ba ka bo koaletsoe ka mokotleng,+U tlotsa phoso ea ka ka sekhomaretsi.
18 Leha ho le joalo, ha thaba e oa, e tla nyamela,Le lefika le tla tlosoa sebakeng sa lona.
19 Ka sebele metsi a fata majoe;Ho tšoloha ha ’ona ho hohola lerōle la lefatše.Ka ho tšoanang u timelitse tšepo ea motho ea shoang.
20 U mo hlōla ka matla ka ho sa feleng hoo a tsamaeang;+U mo senya sefahleho e le hore u mo tsamaise.
21 Bara ba hae baa hlomphuoa, empa ha a tsebe;+Ba fetoha bao e seng ba bohlokoa, empa ha a nahane ka bona.
22 Ke nama ea hae feela e tla ’ne e ope ha e ntse e le ho eena,Moea oa hae o tla ’ne o siame ha o ntse o le ka hare ho eena.”