Jeremia 36:1-32
36 Eitse ka selemo sa bone sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, lentsoe lena la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re:
2 “Inkele moqolo oa buka,+ ’me u ngole ho oona mantsoe+ ’ohle ao ke u boleletseng ’ona khahlanong le Iseraele le khahlanong le Juda+ le khahlanong le lichaba tsohle,+ ho tloha letsatsing la ha ke bua le uena, ho tloha matsatsing a Josiase, ho fihlela kajeno.+
3 Mohlomong ba ntlo ea Juda ba tla mamela tlokotsi eohle eo ke nahanang ho e etsa ho bona,+ e le hore ba ka khutla, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe,+ e le hore nka tšoarela liphoso tsa bona le libe tsa bona.”+
4 Jeremia a bitsa Baruke+ mora oa Neria e le hore Baruke a ka ngola ho tsoa molomong oa Jeremia mantsoe ’ohle a Jehova ao A neng a mo boleletse ’ona, moqolong oa buka.+
5 Joale Jeremia a laela Baruke, a re: “Ke koaletsoe. Ha ke khone ho kena ka tlung ea Jehova.+
6 Kena ’me u balle holimo moqolo oo u o ngotseng ho tsoa molomong oa ka mantsoe a Jehova+ moo sechaba se ntseng se utloa ka tlung ea Jehova ka letsatsi la ho itima lijo;+ hape u a balle holimo+ moo bohle ba Juda ba tsoang metseng ea bona ba ntseng ba utloa.
7 Mohlomong kōpo ea bona ea mohau e tla oela ka pel’a Jehova+ ’me ba tla khutla, e mong le e mong tseleng ea hae e mpe,+ etsoe bohale le khalefo eo Jehova a e boletseng khahlanong le sechaba sena e khōlō.”+
8 Baruke+ mora oa Neria a etsa ho ea ka sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona, hore a balle holimo ho tsoa bukeng+ mantsoe a Jehova ka tlung ea Jehova.+
9 Joale eare ka selemo sa bohlano sa Jojakime+ mora oa Josiase, morena oa Juda, ka khoeli ea borobong,+ sechaba sohle se Jerusalema le sechaba sohle se neng se tla se tsoa metseng ea Juda se ea Jerusalema sa phatlalatsa ho itima lijo ka pel’a Jehova.+
10 Baruke a qala ho balla holimo ho tsoa bukeng ea mantsoe a Jeremia ka tlung ea Jehova, ka kamoreng ea ho jela+ ea Gemaria+ mora oa mokopitsi+ Shafane,+ lebaleng le ka holimo, monyakong oa heke e ncha ea ntlo ea Jehova,+ moo sechaba sohle se ntseng se utloa.
11 Mikaia mora oa Gemaria mora oa Shafane+ a utloa mantsoe ’ohle a Jehova a tsoang bukeng.
12 Eaba o theohela ka tlung ea morena, ka kamoreng ea ho jela ea mongoli, ’me bonang! ke hona moo likhosana tsohle li neng li lutse teng, mongoli Elishama+ le Delaia+ mora oa Shemaia le Elnathane+ mora oa Akbore+ le Gemaria+ mora oa Shafane+ le Tsedekia mora oa Hanania le likhosana tse ling tsohle.
13 Mikaia+ a ba bolella mantsoe ’ohle ao a neng a a utloile ha Baruke a balla buka holimo moo sechaba se ntseng se utloa.+
14 Joale likhosana tsohle tsa roma Jehudi+ mora oa Nethania mora oa Shelemia mora oa Kushi ho Baruke,+ tsa re: “Moqolo oo u ileng ua o balla holimo moo sechaba se ntseng se utloa—o nke ka letsoho ’me u tle.” Tumellanong le hoo Baruke mora oa Neria a nka moqolo ka letsoho ’me a tla ho bona.+
15 Joale ba re ho eena: “Ka kōpo, lula fatše ’me u o balle holimo moo re ntseng re utloa.” Kahoo Baruke+ a balla holimo moo ba ntseng ba utloa.
16 Eare hang ha ba utloa mantsoe ’ohle, ba talimana ka ho tšoha; eaba ba re ho Baruke: “Ruri re tla bolella morena mantsoe ana ’ohle.”+
17 Ba botsa Baruke, ba re: “Ka kōpo, re bolelle, U ngotse mantsoe aa ’ohle joang a tsoang molomong oa hae?”+
18 Joale Baruke a re ho bona: “O ’nile a mpolella mantsoe ana ’ohle a tsoang molomong oa hae, ’me ke ne ke a ngola bukeng ka enke.”+
19 Qetellong likhosana tsa re ho Baruke: “E-ea, u ipate, uena le Jeremia, e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla tseba moo le leng teng.”+
20 Joale ba kena ho morena, lebaleng,+ ’me ba beha moqolo tlhokomelong ea kamore ea ho jela+ ea mongoli Elishama;+ ba qala ho bolela mantsoe ’ohle moo morena a ntseng a utloa.
21 Kahoo morena a romela Jehudi+ hore a e’o nka moqolo. Tumellanong le hoo a o nka kamoreng ea ho jela ea mongoli+ Elishama.+ Jehudi a qala ho o balla holimo moo morena le moo likhosana tse emeng pel’a morena li ntseng li utloa.
22 Morena o ne a lutse ka tlung ea mariha,+ ka khoeli ea borobong,+ leifo+ le ntse le tuka ka pel’a hae.
23 Eare hang ha Jehudi a balile maqephe a mararo kapa a mane, a o tabola ka thipa ea mongoli, a o lahlela mollong o leifong ho fihlela moqolo oohle o fella mollong o leifong.+
24 Ha baa ka ba tšoha;+ morena le bahlanka bohle ba hae, ba neng ba mametse mantsoe ana ’ohle, ha baa ka ba hahola liaparo tsa bona.+
25 Elnathane+ le Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kōpa morena ka tieo hore a se ke a chesa moqolo oo, empa ha aa ka a ba mamela.+
26 Ho feta moo, morena a laela Jeramiele mora oa morena le Seraia mora oa Azriele le Shelemia mora oa Abdiele hore ba tle le mongoli Baruke le moprofeta Jeremia.+ Empa Jehova a ba boloka ba patiloe.+
27 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia ka mor’a hore morena a chese moqolo le mantsoe ao Baruke+ a neng a a ngotse a tsoa molomong oa Jeremia,+ la re:
28 “U boele u inkele moqolo, o mong hape, ’me u ngole ho oona mantsoe ’ohle a pele a neng a le moqolong oa pele, oo Jojakime morena oa Juda a o chesitseng.+
29 U lokela ho re khahlanong le Jojakime morena oa Juda, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “U chesitse moqolo ona,+ ua re, ‘Ke hobane’ng ha u ngotse ho oona,+ u re: “Ruri morena oa Babylona o tla tla ’me ka sebele a felise naha ena ’me a felise motho le phoofolo ho eona”?’+
30 Ka hona sena ke seo Jehova a se boletseng khahlanong le Jojakime morena oa Juda, ‘A ke ke a ba le ea lutseng teroneng ea Davida,+ ’me setopo sa hae e tla ba ntho eo motšehare e ntšetsoang+ mochesong ’me bosiu e ntšetsoang serameng.
31 Ke tla batla boikarabello ho eena+ le ho bana ba hae le ho bahlanka ba hae bakeng sa liphoso tsa bona,+ ’me ke tla tlisetsa bona le baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eohle eo ke buileng ka eona khahlanong le bona,+ eaba ha ba mamele.’”’”+
32 Jeremia a nka moqolo o mong a ntan’o o fa Baruke mora oa Neria, mongoli,+ ea ileng a ngola ho oona ho tsoa molomong+ oa Jeremia mantsoe ’ohle a buka eo Jojakime morena oa Juda a neng a e chesitse mollong;+ ’me ho ’ona ha eketsoa mantsoe a mangata a kang ao.