Genese 46:1-34
46 Tumellanong le hoo Iseraele le bohle ba hae ba tloha ’me ba fihla Beerseba,+ eaba o hlabela Molimo oa ntat’ae Isaka mahlabelo.+
2 Joale Molimo a bua le Iseraele liponong tsa bosiu a re:+ “Jakobo, Jakobo!” eaba o re: “Ke ’na enoa!”+
3 Eaba o tsoela pele ho re: “Ke ’na Molimo oa ’nete,+ Molimo oa ntat’ao.+ U se ke ua tšaba ho theohela Egepeta, etsoe ke tla u etsa sechaba se seholo hona teng.+
4 Ke tla theohela le uena Egepeta ’me ruri ke tla boela ke u nyolle teng;+ ’me Josefa o tla beha letsoho mahlong a hao.”+
5 Ka mor’a moo Jakobo a tloha Beerseba, ’me bara ba Iseraele ba palamisa ntat’a bona Jakobo le bana ba bona ba banyenyane le basali ba bona likoloing tseo Faro a li rometseng hore ba mo tsamaise ka tsona.+
6 Ho ekelletsa moo, ba nka mehlape ea bona le thepa, eo ba e bokeletseng naheng ea Kanana.+ Qetellong ba kena Egepeta, Jakobo hammoho le bana bohle ba hae.
7 A tla le bara ba hae le bara ba bara ba hae, barali ba hae le barali ba bara ba hae, esita le bana bohle ba hae, Egepeta.+
8 Ana ke mabitso a bara ba Iseraele ba keneng Egepeta:+ Jakobo le bara ba hae: Letsibolo la Jakobo e ne e le Rubene.+
9 Bara ba Rubene e ne e le Hanoke le Palu le Hezrone le Karmi.+
10 Bara ba Simeone+ e ne e le Jemuele le Jamine le Ohade le Jakine+ le Zohare le Shaule+ mora oa mosali oa Mokanana.
11 Bara ba Levi+ e ne e le Gershone,+ Kohathe+ le Merari.+
12 Bara ba Juda+ e ne e le Ere+ le Onane+ le Shela+ le Pereze+ le Zera.+ Leha ho le joalo, Ere le Onane ba ile ba shoela naheng ea Kanana.+
Bara ba Pereze ea e-ba Hezrone+ le Hamule.+
13 Bara ba Isakare+ e ne e le Thola+ le Puva+ le Jobo le Shimrone.+
14 Bara ba Zabulone+ e ne e le Serede le Elone le Jaliele.+
15 Bana ke bara ba Lea,+ bao a ba tsoaletseng Jakobo a le Padane-arame, hammoho le morali oa hae Dina.+ Meea eohle ea bara ba hae le ea barali ba hae e ne e le mashome a mararo a metso e meraro.
16 Bara ba Gade+ e ne e le Zifione le Hagi, Shuni le Ezbone, Eri le Arodi le Areli.+
17 Bara ba Ashere+ e ne e le Imna le Ishva le Ishvi le Beria,+ ’me ho ne ho e-na le khaitseli ea bona Sera.
Bara ba Beria e ne e le Hebere le Malkiele.+
18 Bana ke bara ba Zilpa,+ eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Lea. Ka mor’a nako bana ke bao a ileng a ba tsoalla Jakobo: meea e leshome le metso e tšeletseng.
19 Bara ba Ragele,+ mosali oa Jakobo, e ne e le Josefa+ le Benjamine.+
20 Naheng ea Egepeta Josefa o ile a tsoalloa Manase+ le Efraime,+ bao Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One a ileng a mo tsoalla bona.
21 Bara ba Benjamine e ne e le Bela+ le Bekere+ le Ashbele, Gera+ le Naamane,+ Ehi le Roshe, Mupime+ le Hupime+ le Arede.
22 Bana ke bara ba Ragele ba tsoaletsoeng Jakobo. Meea eohle e ne e le leshome le metso e mene.
23 Bara ba Dane+ ke Hushime.+
24 Bara ba Nefthali+ e ne e le Jaziele le Guni+ le Jezere le Shileme.+
25 Bana ke bara ba Bilha,+ eo Labane a ileng a mo fa morali oa hae Ragele. Ka mor’a nako bana ke bao a ileng a ba tsoalla Jakobo; meea eohle e ne e le e supileng.
26 Meea eohle e tlileng le Jakobo Egepeta ke e tsoileng nokeng ea hae,+ ntle ho basali ba bara ba Jakobo. Meea eohle e ne e le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.
27 Bara ba Josefa bao a ba tsoaletsoeng Egepeta e ne e le meea e ’meli. Meea eohle ea ntlo ea Jakobo e tlileng Egepeta e ne e le mashome a supileng.+
28 Eaba o romela Juda+ ho Josefa hore a mo etelle pele hore a fane ka boitsebiso ka pele ho eena Goshene. Ka mor’a moo ba fihla naheng ea Goshene.+
29 Joale Josefa a lokisa koloi ea hae ’me a nyoloha ho ea khahlanyetsa ntat’ae Iseraele Goshene.+ Ha a mo bona a itihela hang-hang molaleng oa hae ’me a ’na a ntšetsa meokho molaleng oa hae.+
30 Qetellong Iseraele a re ho Josefa: “Lekhetlong lena ke itokiselitse ho shoa,+ kaha joale ke bone sefahleho sa hao, kaha u sa ntse u phela.”
31 Joale Josefa a re ho barab’abo le ho ba ntlo ea ntat’ae: “E-reng ke nyoloheng ke tlalehele Faro ke re ho eena,+ ‘Barab’eso le ba ntlo ea Ntate ba leng naheng ea Kanana ba tlile mona ho ’na.+
32 Banna bana ke balisa,+ hobane e bile bahlokomeli ba liphoofolo tse ruiloeng;+ ba tlile mona le mehlape ea bona ea likhutšoane le mehlape ea bona ea liphoofolo tse khōlō le sohle seo ba nang le sona.’+
33 Ha Faro a le bitsa ’me a re, ‘Le etsa mosebetsi ofe?’
34 Le tla re, ‘Bahlanka ba hao e ’nile ea e-ba bahlokomeli ba liphoofolo tse ruiloeng ho tloha bocheng ba rōna ho fihlela joale, rōna hammoho le baholo-holo ba rōna,’+ e le hore le ka lula naheng ea Goshene,+ hobane molisa e mong le e mong oa linku ke ntho e manyala Egepeta.”+