Genese 32:1-32
32 Ha e le Jakobo, a tsamaea, eaba joale mangeloi a Molimo a kopana le eena.+
2 Kapele-pele Jakobo a re, ha a a bona: “Lena ke lebotho la Molimo!”+ Kahoo a reha sebaka seo lebitso la Mahanaime.+
3 Joale Jakobo a romela manģosa+ hore a mo etelle pele ho ea ho Esau mor’abo naheng ea Seire,+ naha ea Edomo,+
4 a a laela, a re: “Le tle le re ho moren ’a ka,+ Esau, ‘Mohlanka oa hao Jakobo o itse: “Ke lutse le Labane ke le mojaki ’me ke lutse ka nako e telele ho fihlela joale.+
5 Ke na le lipoho le liesele, linku, bahlanka le makhabunyane,+ ’me ke rata ho romeletsa ho tsebisa moren ’a ka, e le hore nka fumana kamohelo mahlong a hao.”’”+
6 Ka mor’a nako manģosa a khutlela ho Jakobo, a re: “Re fihlile ho mor’eno Esau, ’me le eena o tseleng ho u khahlanyetsa, hammoho le banna ba makholo a mane.”+
7 Eaba Jakobo o tšoha haholo ’me oa tšoenyeha.+ Kahoo a arola batho bao a nang le bona, le mehlape ea likhutšoane le likhomo le likamele ka lihlopha tse peli,+
8 eaba o re: “Haeba Esau a ka tla sehlopheng se seng a se hlasela, joale ka sebele ho tla ba le sehlopha se setseng se tla pholoha.”+
9 Ka mor’a moo Jakobo a re: “Molimo oa Ntate Abrahama le Molimo oa Ntate Isaka,+ Jehova, ea reng ho ’na, ‘Khutlela naheng ea heno le ho beng ka uena ’me ke tla sebetsana hantle le uena,’+
10 ha ke tšoaneloe ke mosa oohle o lerato le botšepehi bohle boo u bo bontšitseng mohlanka oa hao,+ etsoe ke tšetse Jordane ena ke e-na le lere la ka feela ’me joale ke fetohile lihlopha tse peli.+
11 Kea u rapela,+ ntopolle letsohong la mor’eso, letsohong la Esau, hobane ke tšaba hore o tla tla ’me ka sebele a ntlhasele,+ ’mè hammoho le bana.
12 Uena, u itse, ‘Ntle ho pelaelo ke tla sebetsana hantle le uena ’me ke tla etsa hore peō ea hao e be joaloka lehlabathe la leoatle, le ke keng la baloa ka bongata.’”+
13 A ’na a lula moo bosiung boo. A nkela Esau mor’abo mpho ho se neng se le letsohong la hae:+
14 lipōli tse tšehali tse makholo a mabeli le liphooko tse mashome a mabeli, linku tse tšehali tse makholo a mabeli le lipheleu tse mashome a mabeli,
15 likamele tse mashome a mararo tse anyesang le manamane a tsona, likhomo tsa lithole tse mashome a mane le lipoho tse leshome, liesele tse tšehali tse mashome a mabeli le liesele tse hōlileng ka ho feletseng tse leshome.+
16 Eaba o neha bahlanka ba hae mehlape ka ho latellana ’me ka ho pheta-pheta a re ho bahlanka ba hae: “Tšelang pele ho ’na, ’me le siee sebaka pakeng tsa mohlape ka mong.”+
17 Ho ekelletsa moo a laela oa pele, a re: “Haeba mor’eso Esau a ka kopana le uena ’me a u botsa, a re, ‘U oa mang, ’me u ea hokae ’me tsena tse ka pel’a hao ke tsa mang?’
18 joale u re, ‘Ke tsa mohlanka oa hao, Jakobo. Ke mpho,+ e rometsoeng ho moren ’a ka,+ ho Esau, ’me bona! le eena o ka mor’a rōna.’”
19 Eaba o tsoela pele ho laela le oa bobeli, le oa boraro, le bohle ba latelang mehlape, o re: “Le bue ho ea ka lentsoe lena le Esau ha le teana le eena.+
20 Hape le re, ‘Mohlanka oa hao Jakobo ke enoa ka mor’a rōna.’”+ Etsoe o ile a ipolella ho re: “Nka bōpa khotso le eena ka mpho e nketellang pele,+ ’me ka mor’a moo ke tla bona sefahleho sa hae. Mohlomong o tla nkamohela ka mosa.”+
21 Kahoo mpho ea tšela pele ho eena, empa a lula liahelong bosiung boo.+
22 Hamorao bosiung boo a ema a nka basali ba hae ba babeli+ le makhabunyane a hae a mabeli+ le bara ba hae ba banyenyane ba leshome le motso o mong+ ’me a tšela leliboho la Jaboke.+
23 Kahoo a ba nka eaba o ba tšelisa phula ea molapo o phoroselang,+ a tšelisa seo a nang le sona.
24 Qetellong Jakobo a sala a le mong. Joale monna e mong a qala ho betana le eena ho fihlela ha mafube a hlaha.+
25 Ha a bona hore ha aa mo hlōla,+ joale a ama komiki ea lenonyello la serope sa hae; ’me komiki ea lenonyello la serope sa Jakobo ea tsoa malulong nakong eo a ntseng a betana le eena.+
26 Ka mor’a moo a re: “Ntlohele ke tsamaee, etsoe mafube a se a hlahile.” Eaba o re: “Nke ke ka u tlohela ho fihlela u ntlhohonolofatsa pele.”+
27 Kahoo a re ho eena: “Lebitso la hao u mang?” eaba o re: “Ke Jakobo.”
28 Joale a re: “Lebitso la hao ha e sa tla hlola e e-ba Jakobo empa e tla ba Iseraele,+ etsoe u loanne+ le Molimo le batho hoo qetellong u hlōtseng.”
29 Eaba Jakobo oa botsa o re: “Ka kōpo, mpolelle lebitso la hao.” Leha ho le joalo, a re: “Ke hobane’ng ha u mpotsa lebitso?”+ Eaba o mo hlohonolofaletsa moo.
30 Kahoo Jakobo a reha sebaka seo lebitso la Peniele,+ hobane, ho qotsa mantsoe a hae, “Ke bone Molimo lifahleho li talimane ’me leha ho le joalo moea oa ka o lopolotsoe.”+
31 Eaba letsatsi le qala ho mo chabela hang ha a feta Penuele, empa o ne a hlotsa ka lebaka la serope sa hae.+
32 Ke ka lebaka leo bara ba Iseraele ba sa tloaelang ho ja mosifa oa tšika ea serope, o komiking ea lenonyello la serope, ho fihlela letsatsing lena, hobane o ile a ama komiki ea lenonyello la Jakobo ka mosifa oa tšika ea serope.+