Genese 31:1-55
31 Ka mor’a nako a utloa mantsoe a bara ba Labane, ba re: “Jakobo o nkile ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea Ntate; ’me o bokeletse leruo lena lohle la hae ka seo e leng sa Ntate.”+
2 Ha Jakobo a talima sefahleho sa Labane, bonang! o ne a se a se joaloka pele.+
3 Qetellong Jehova a re ho Jakobo: “Khutlela naheng ea bo-ntat’ao le ho beng ka uena,+ ’me ke tla tsoela pele ke e-na le uena.”+
4 Joale Jakobo a romeletsa ’me a bitsetsa Ragele le Lea tšimong hore ba tle mohlapeng oa hae,
5 eaba o re ho bona:
“Ke bona sefahleho sa ntat’a lōna, hore ho ’na ha a sa le joaloka pele;+ empa Molimo oa Ntate o na le ’na.+
6 Ka sebele lea tseba hore ke sebelelitse ntat’a lōna ka matla a ka ’ohle.+
7 Ntat’a lōna o nkentse ka mano ’me o fetotse moputso oa ka ka makhetlo a leshome, empa Molimo ha aa ka a mo lumella ho nketsa hampe.+
8 Haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse thobosha e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse thobosha; empa haeba ka lehlakoreng le leng a ne a re, ‘Tse mechato e tla ba moputso oa hao,’ joale mohlape oohle o ne o hlahisa tse mechato.+
9 Kahoo Molimo o ’nile a nka mohlape oa ntat’a lōna ’me a mpha oona.+
10 Qetellong eitse nakong ea ha mohlape o palesa ka phahamisa mahlo ’me ka bona pono torong+ ’me bonang! liphooko tse tlōlelang mohlape li ne li le mechato, li le thobosha ’me li le matheba.+
11 Joale lengeloi la Molimo oa ’nete la re ho ’na torong, ‘Jakobo!’ eaba ke re, ‘Ke ’na enoa.’+
12 Eaba le tsoela pele, ‘Ka kōpo, phahamisa mahlo, u bone liphooko tsohle tse tlōlelang mohlape hore li mechato, li thobosha ’me li matheba, etsoe ke bone sohle seo Labane a u etsang sona.+
13 Ke ’na Molimo oa ’nete oa Bethele,+ moo u tlotsitseng sefika+ le moo u entseng boitlamo ho ’na.+ Joale ema, tloha naheng ena ’me u khutlele naheng eo u tsoaletsoeng ho eona.’”+
14 Eaba Ragele le Lea baa araba ’me ba re ho eena: “Na ho sa ntse ho e-na le karolo ea lefa la rōna ka tlung ea Ntate?+
15 Na ruri ha re nkoe re le basele ho eena kaha o re rekisitse, hoo a ntseng a ja ka ho tsoelang pele esita le chelete eo re e ntšelitsoeng?+
16 Etsoe maruo ’ohle ao Molimo a a nkileng ho Ntate ke a rōna le bana ba rōna.+ Kahoo joale u etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Molimo a u boleletseng eona.”+
17 Joale Jakobo a ema ’me a palamisa bana ba hae le basali ba hae likameleng;+
18 eaba o qala ho khanna mohlape oohle oa hae le thepa eohle eo a e bokeletseng,+ mohlape oo a o fumaneng oo a o bokeletseng Padane-arame, e le hore a ee ho ntat’ae Isaka naheng ea Kanana.+
19 Joale Labane o ne a il’o kuta linku tsa hae. Ho sa le joalo Ragele a utsoa literafime+ tsa ntat’ae.
20 Kahoo Jakobo a sebetsana le Labane Mosyria ka mano, hobane o ne a sa mo bolella hore oa baleha.
21 A baleha ’me a tloha a ba a tšela Nōka,+ eena le sohle seo a nang le sona. Ka mor’a moo a lebisa sefahleho sa hae sebakeng se lithaba sa Gileade.+
22 Hamorao, ka letsatsi la boraro, Labane a bolelloa hore Jakobo o balehile.
23 Eaba o nka barab’abo o qala ho mo lelekisa+ sebaka se bohōle ba leeto la matsatsi a supileng ’me a mo fumana sebakeng se lithaba sa Gileade.
24 Joale Molimo a tla ho Labane Mosyria+ torong bosiu+ ’me a re ho eena: “Itebele hore u se ke ua qala ho bua hantle kapa hampe le Jakobo.”+
25 Kahoo Labane a atamela Jakobo, kaha Jakobo o ne a hlomme tente ea hae thabeng ’me Labane a hlometse barab’abo liahelo sebakeng se lithaba sa Gileade.
26 Joale Labane a re ho Jakobo: “U entse’ng, ka hore ebe u khethile ho sebetsana le ’na ka mano ’me u tsamaile ka barali ba ka joalokaha eka ke baholehuoa ba hapuoeng ka sabole?+
27 Ke hobane’ng ha u balehile ka sephiri ’me u sebetsane le ’na ka mano ’me u sa ka ua mpolella, e le hore nka re u tsamaee ka thabo le lipina,+ ka moropa o monyenyane le ka harepa?+
28 Ha ua mpha sebaka sa ho aka bana ba ka le barali ba ka.+ Joale u entse ka booatla.
29 Ho matleng a letsoho la ka ho le ntša kotsi,+ empa Molimo oa ntat’a lōna o buile le ’na bosiung ba maobane, a re, ‘Itebele khahlanong le ho bua hantle kapa hampe le Jakobo.’+
30 Le hoja u tsamaile hobane u ’nile ua hloloheloa ntlo ea ntat’ao haholo, leha ho le joalo, ke hobane’ng ha u utsoitse melimo ea ka?”+
31 Ha Jakobo a araba a re ho Labane: “Ke hobane ke ne ke tšohile.+ Etsoe ke ipoleletse ho re, ‘U ka ’na ua nkamoha barali ba hao ka mahahapa.’
32 Mang kapa mang eo u ka fumanang melimo ea hao ho eena, a se ke a phela.+ Ka pel’a barab’abo rōna, itlhahlobele seo ke nang le sona ’me u inkele eona.”+ Empa Jakobo o ne a sa tsebe hore Ragele o e utsoitse.+
33 Kahoo Labane a kena tenteng ea Jakobo le tenteng ea Lea le tenteng ea makhabunyane a mabeli,+ empa a se ke a e fumana. Qetellong a tsoa tenteng ea Lea eaba o kena tenteng ea Ragele.
34 Joale Ragele o ne a nkile literafime, eaba o khetha ho li kenya ka har’a baskete ea sale ea basali ea kamele, ’me a ’na a lula holim ’a tsona. Kahoo Labane a qala ho phopholetsa ka har’a tente eohle, empa a se ke a li fumana.
35 Joale a re ho ntat’ae: “U se ke ua lumella hore bohale bo tuke mahlong a morena oa ka,+ hobane ha ke khone ho ema ka pel’a hao, etsoe ke tšoeroe ke ntho e tloaelehileng ho basali.”+ Kahoo a batlisisa, empa ha aa ka a fumana literafime.+
36 Eaba Jakobo oa halefa+ ’me o qala ho qabana le Labane, ’me ha Jakobo a araba a tsoela pele ho re ho Labane: “Bofetoheli ba ka ke bofe,+ sebe sa ka ke sefe, e leng lebaka leo ka lona u mpehileng merebele?+
37 Joalokaha u se u phopholelitse ka har’a thepa eohle ea ka, u fumane’ng ea thepa eohle ea ntlo ea hao?+ E behe mona ka pel’a barab’eso le barab’eno,+ ’me ba etse qeto pakeng tsa rōna ba babeli.+
38 Ka lilemo tsena tse mashome a mabeli ke ’nile ka ba le uena. Linku tsa hao tse tšehali le lipōli tsa hao tse tšehali ha lia ka tsa folotsa,+ ’me le ka mohla ha kea ka ka ja lipheleu tsa mohlape oa hao.
39 Phoofolo leha e le efe e rusolotsoeng ha kea ka ka e tlisa ho uena.+ Ke ne ke jara tahlehelo ea eona. Ebang e ’ngoe e ne e utsuoa motšehare kapa e utsuoa bosiu, u ne u e batla letsohong la ka.+
40 Ke ile ka qetoa ke mocheso motšehare le ke serame bosiu, ’me boroko bo ne bo baleha mahlong a ka.+
41 Ke lilemo tse mashome a mabeli ke le ka tlung ea hao. Ke u sebelelitse lilemo tse leshome le metso e mene bakeng sa barali ba hao ba babeli le lilemo tse tšeletseng bakeng sa mohlape oa hao, ’me u ’nile ua fetola moputso oa ka ka makhetlo a leshome.+
42 Hoja Molimo oa Ntate,+ Molimo oa Abrahama le Tšabo ea Isaka,+ a ne a sa ka a ba lehlakoreng la ka, u ka be u itse ke tsamaee ke sa nka letho. Molimo o bone ho sohlokeha ha ka le ho sehla ha matsoho a ka, ’me kahoo o u khalemetse bosiung ba maobane.”+
43 Joale ha Labane a araba a re ho Jakobo: “Barali ke barali ba ka le bana ke bana ba ka le mohlape ke mohlape oa ka, le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e talimileng ke ea ka le ea barali ba ka. Nka etsa’ng khahlanong le bona kajeno kapa khahlanong le bana bao ba ba tsoetseng?
44 Joale, tloo, a re hlabe selekane,+ ’na le uena, ’me e tla ba bopaki pakeng tsa ka le uena.”+
45 Tumellanong le hoo Jakobo a nka lejoe ’me a le hloma e le sefika.+
46 Joale Jakobo a re ho barab’abo: “Nkang majoe!” Eaba ba qala ho nka majoe le ho etsa mokolokotoane.+ Ka mor’a moo ba jella moo mokolokotoaneng.
47 Labane a qala ho o bitsa Jegare-sahadutha, empa Jakobo a o bitsa Galede.
48 Eaba Labane o re: “Mokolokotoane ona ke bopaki pakeng tsa ka le uena kajeno.” Ke ka lebaka leo a o rehileng lebitso la Galede,+
49 le Tora ea ho Lebela, hobane a itse: “Jehova a ke a lebele pakeng tsa ka le uena ha re lutse re sa bonahale e mong ho e mong.+
50 Haeba u hlorisa barali+ ba ka le haeba u nka basali ba bang ho phaella ho barali ba ka, ha ho motho ea nang le rōna. Bona! Molimo ke paki pakeng tsa ka le uena.”+
51 Eaba Labane o tsoela pele ho re ho Jakobo: “Mokolokotoane ke ona le sefika ke sena seo ke se emisitseng pakeng tsa ka le uena.
52 Mokolokotoane ona ke bopaki, ’me sefika sena ke ntho e pakang,+ hore nke ke ka feta mokolokotoane ona khahlanong le uena le hore u ke ke ua feta mokolokotoane ona le sefika sena khahlanong le ’na ho ’ntša kotsi.+
53 Molimo oa Abrahama+ le molimo oa Nakore+ a ke a ahlole pakeng tsa rōna, molimo oa ntat’a bona.” Empa Jakobo a hlapanya ka Tšabo ea ntat’ae Isaka.+
54 Ka mor’a moo Jakobo a etsa sehlabelo thabeng eaba o mema barab’abo hore ba je bohobe.+ Tumellanong le hoo ba ja bohobe ’me ba hlola bosiu thabeng.
55 Leha ho le joalo, Labane a tsoha hoseng haholo eaba o aka+ bana ba hae le barali ba hae ’me oa ba hlohonolofatsa.+ Joale Labane a tsamaea e le hore a khutlele sebakeng sa habo.+