Genese 29:1-35
29 Ka mor’a moo Jakobo a tsamaea a ea naheng ea baahi ba Bochabela.+
2 Joale a talima, ’me bonang! ho ne ho e-na le seliba tšimong ’me bonang! mehlape e meraro ea linku e ne e bothile pel’a sona, hobane ba ne ba tloaetse ho noesa mehlape selibeng seo;+ ’me ho ne ho e-na le lejoe le leholo molomong oa seliba.+
3 Ha mehlape eohle e bokeletsoe moo, ba phikolosa lejoe ba le tlosa molomong oa seliba, eaba ba noesa mehlape, ka mor’a moo ba khutlisetsa lejoe molomong oa seliba sebakeng sa lona.
4 Kahoo Jakobo a re ho bona: “Barab’eso, le tsoa sebakeng sefe?” eaba ba re: “Re tsoa Harane.”+
5 Joale a re ho bona: “Na le tseba Labane+ setloholo sa Nakore?”+ eaba ba re: “Rea mo tseba.”
6 A re ho bona: “Na o ntse a ikela hantle?”+ Eaba ba re: “O ikela hantle. Le morali oa hae Ragele+ ke enoa a tla le linku!”+
7 A tsoela pele ho re: “E sa le motšehare. Hase nako ea ho bokella mehlape. Noesang linku, joale le ntan’o li fulisa.”+
8 Ba re: “Ha rea lumelloa ho etsa joalo ho fihlela mehlape eohle e bokeletsoe ’me ba phikolositse lejoe ba le tlositse molomong oa seliba. Joale re tla noesa linku.”
9 Ha a sa ntse a bua le bona, Ragele+ a tla le linku tsa ntat’ae, etsoe e ne e le molisa.+
10 Eitse ha Jakobo a bona Ragele morali oa malom ’ae Labane le linku tsa malom ’ae Labane, Jakobo a atamela ka potlako a phikolosa lejoe a le tlosa molomong oa seliba ’me a noesa linku tsa malom ’ae Labane.+
11 Joale Jakobo a aka+ Ragele eaba o phahamisa lentsoe o itšela ka meokho.+
12 Jakobo a qala ho bolella Ragele hore ke mor’abo+ ntat’ae le hore ke mora oa Rebeka. Eaba oa matha ’me o bolella ntat’ae.+
13 Joale eitse hang ha Labane a utloa tlaleho mabapi le Jakobo mora oa khaitseli ea hae, a matha a mo khahlanyetsa.+ Joale a mo kopa eaba oa mo aka ’me o mo tlisa ka tlung ea hae.+ Eaba o qala ho phetela Labane lintho tsena tsohle.
14 Ka mor’a moo Labane a re ho eena: “Ruri u lesapo la ka le nama ea ka.”+ Kahoo a lula le eena khoeli eohle.
15 Ka mor’a moo Labane a re ho Jakobo: “Na u tla ntšebeletsa mahala,+ u le mor’eso?+ Mpolelle, Moputso oa hao e tla ba eng?”+
16 Labane o ne a e-na le barali ba babeli. Lebitso la e moholo e ne e le Lea+ ’me lebitso la e monyenyane e le Ragele.
17 Empa mahlo a Lea a ne a sa khanye, athe Ragele+ o ne a e-na le sebōpeho se setle ’me a le sefahleho se setle.+
18 Jakobo o ne a rata Ragele. Kahoo a re: “Ke ikemiselitse ho u sebeletsa ka lilemo tse supileng bakeng sa morali oa hao e monyenyane Ragele.”+
19 Eaba Labane o re: “Ho molemo hore ke u fe eena ho e-na le hore ke mo fe monna e mong.+ Tsoela pele u lula le ’na.”
20 Eaba Jakobo o sebeletsa Ragele ka lilemo tse supileng,+ empa mahlong a hae tsa e-ba joaloka matsatsi a seng makae ka lebaka la lerato la hae ho eena.+
21 Joale Jakobo a re ho Labane: “’Nehe mosali oa ka, hobane matsatsi a ka a phethehile, ’me ke kopanele liphate le eena.”+
22 Eaba Labane o bokella banna bohle ba sebaka seo ’me o etsa mokete.+
23 Empa eare ka shoalane a nka morali oa hae Lea ’me a mo tlisa ho Jakobo hore a kopanele liphate le eena.
24 Ho feta moo, Labane a mo fa lekhabunyane la hae Zilpa,+ a le fa morali oa hae Lea, hore e be lekhabunyane la hae.
25 Kahoo hoseng, bonang! e ne e le Lea! Ka lebaka leo a re ho Labane: “Ke eng ena eo u nkentseng eona? Na ha kea u sebeletsa bakeng sa Ragele? Kahoo ke hobane’ng ha u nqhekeletse?”+
26 Eaba Labane o re: “Ha hoa tloaeleha ho etsa ka tsela ena sebakeng sa habo rōna, ho fana ka ngoanana e monyenyane pele ho oa letsibolo.
27 Keteka+ ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa. Ka mor’a moo u tla fuoa le ngoanana enoa e mong bakeng sa tšebeletso eo u tla ntšebeletsa ka eona ka lilemo tse ling tse supileng.”+
28 Tumellanong le hoo Jakobo a etsa joalo ’me a keteka ka ho feletseng beke ea ngoanana enoa, ka mor’a moo a mo fa morali oa hae Ragele hore e be mosali oa hae.
29 Ntle ho moo, Labane a fa morali oa hae Ragele lekhabunyane la hae Bilha+ hore e be lekhabunyane la hae.
30 Joale a kopanela liphate le Ragele ka ho tšoanang, ’me a bontša lerato le eketsehileng ho Ragele ho feta ho Lea,+ eaba o mo sebeletsa ka lilemo tse ling tse supileng.+
31 Ha Jehova a bona hore Lea o hloiloe, joale a bula pōpelo ea hae,+ empa Ragele e ne e le nyopa.+
32 Eaba Lea oa ima ’me o tsoala mora a ntan’o mo reha lebitso la Rubene,+ etsoe o ile a re: “Ke hobane Jehova a bone ho sohlokeha ha ka,+ hore joale monna oa ka o tla qala ho nthata.”
33 Eaba o boetse oa ima ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Ke hobane Jehova o mametse,+ hore ke ne ke hloiloe ’me kahoo o mphile le enoa.” Kahoo a mo reha lebitso la Simeone.+
34 Eaba o boetse oa ima ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Joale nakong ena monna oa ka o tla ikopanya le ’na, hobane ke mo tsoaletse bara ba bararo.” Ka hona a rehoa lebitso la Levi.+
35 Eaba o ima hape ’me o tsoala mora eaba joale o re: “Lekhetlong lena ke tla roka Jehova.” Ka hona a mo reha lebitso la Juda.+ Ka mor’a moo a khaotsa ho beleha.