Ezekiele 46:1-24
46 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ha e le heke ea lebala le ka hare e shebileng bochabela,+ e lokela ho tsoela pele e koetsoe+ ka matsatsi a tšeletseng a mosebetsi,+ ’me ka letsatsi la sabatha e lokela ho buloa, ’me ha khoeli e thoasitse e lokela ho buloa.+
2 Morenana o tla kena ka tsela ea mathule a heke,+ a tsoa ka ntle, a eme haufi le kosene ea monyako oa heke;+ ’me baprista ba tla fana ka nyehelo ea hae e feletseng ea secheso le mahlabelo a hae a kopanetsoeng, ’me o tla inama monyako oa heke,+ a tsoe, empa heke ha ea lokela ho koaloa ho fihlela ka shoalane.
3 Batho ba naha ba tla inama monyakong oa heke eo ka lisabatha le ha likhoeli li thoasa, ka pel’a Jehova.+
4 “‘Nyehelo e feletseng ea secheso eo morenana a lokelang ho e hlahisa ho Jehova ka letsatsi la sabatha e lokela ho ba ea likonyana tse tona tse tšeletseng tse phetseng hantle le pheleu e phetseng hantle;+
5 ’me e le nyehelo ea lijo-thollo, efa bakeng sa pheleu,+ ’me bakeng sa likonyana tse tona nyehelo ea lijo-thollo ho ea ka seo a ka khonang ho fana ka sona,+ ’me, ha e le oli, hine ea efa.+
6 Ka letsatsi la khoeli e thoasitseng+ ho lokela hore ho be le pohoana, e tona mohlapeng, e phetseng hantle, le likonyana tse tšeletseng tse tona le pheleu; e lokela ho ba tse phetseng hantle.+
7 O lokela ho fana ka efa bakeng sa pohoana le efa bakeng sa pheleu e le nyehelo ea lijo-thollo, le bakeng sa likonyana tse tona ho ea ka seo a ka se khonang; ’me, ha e le oli, hine ea efa.+
8 “‘Ha morenana+ a kena, o lokela ho kena ka tsela ea mathule a heke, ’me o lokela ho tsoa ka eona.+
9 Ha batho ba naha ba tla ka pel’a Jehova linakong tsa mokete,+ ea kenang ka tsela ea heke e ka leboea+ hore a tl’o inama o lokela ho tsoa ka tsela ea heke e ka boroa;+ ’me ea kenang ka tsela ea heke e ka boroa o lokela ho tsoa ka tsela ea heke e ka leboea. Ha ho ea lokelang ho khutla ka tsela ea heke eo a keneng ka eona, kaha o lokela ho tsoa ka e ka pel’a hae ka ho toba.
10 Ha e le morenana ea leng har’a bona, ha ba kena, o lokela ho kena; ’me ha ba tsoa, o lokela ho tsoa.+
11 Meketeng+ le linakong tsa mokete nyehelo ea lijo-thollo e lokela ho ba efa bakeng sa pohoana le efa bakeng sa pheleu, le bakeng sa likonyana tse tona ho ea ka seo a ka khonang ho fana ka sona; ’me, ha e le oli, hine ea efa.+
12 “‘Haeba morenana a ka fana ka nyehelo e feletseng ea secheso e le nyehelo ea boithaopo,+ kapa mahlabelo a kopanetsoeng e le nyehelo ea boithaopo ho Jehova, motho o tla mo bulela heke e shebileng bochabela,+ ’me o tla fana ka nyehelo ea hae e feletseng ea secheso le mahlabelo a hae a kopanetsoeng feela joalokaha a etsa ka letsatsi la sabatha.+ O tla tsoa, ’me motho o tla koala heke ka mor’a hore a tsoe.+
13 “‘U lokela ho fana ka konyana e tona e phetseng hantle, e leng selemong sa eona sa pele, e le nyehelo e feletseng ea secheso ea kamehla ho Jehova.+ U lokela ho fana ka eona hoseng ho hong le ho hong.
14 E le nyehelo ea lijo-thollo hammoho le eona u lokela ho fana ka karolo ea botšelela ea efa hoseng ho hong le ho hong ’me, ha e le oli, u fane ka karolo ea boraro ea hine bakeng sa ho fafatsa phofo e thumisehileng.+ Nyehelo ea lijo-thollo ea Jehova ke taelo e hlomamisitsoeng e hlolang ka nako e sa lekanyetsoang, kamehla.
15 Ba tla fana ka konyana e tona le nyehelo ea lijo-thollo le oli hoseng ho hong le ho hong e le nyehelo e feletseng ea secheso ea kamehla.’
16 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Haeba morenana a ka fa e mong le e mong oa bara ba hae mpho e le lefa la hae, e tla ba thepa ea bara ba hae. Ke letlotlo la bona ka lefa.
17 Haeba a ka fa e mong oa bahlanka ba hae mpho lefeng la hae, le eona e tla ba ea hae ho fihlela ka selemo sa tokoloho;+ ’me e tla khutlela ho morenana. Ke lefa la hae feela—mabapi le bara ba hae—le lokelang ho lula e le la bona.
18 Morenana ha aa lokela ho nka lefa leha e le lefe la sechaba e le hore a se qobelle ho tloha letlotlong la sona.+ O lokela ho fa bara ba hae lefa ho tsoa letlotlong la hae, e le hore sechaba sa ka se se ke sa hasanngoa e mong le e mong ho tloha letlotlong la hae.’”+
19 A ntlisa ka tsela e kenang+ e neng e le ka lehlakoreng la heke ho ea likamoreng tsa ho jela tse halalelang, tsa baprista, tse neng li shebile ka leboea,+ ’me, bonang! ho ne ho e-na le sebaka moo ka mahlakoreng ka bobeli a ka morao ka bophirimela.
20 A re ho ’na: “Sena ke sebaka seo baprista ba tla phehela nyehelo ea molato+ le nyehelo ea sebe+ ho sona, le moo ba tla apeha nyehelo ea lijo-thollo teng,+ e le hore ho se ke ha e-ba le letho le isoang lebaleng le ka ntle bakeng sa ho halaletsa sechaba.”+
21 A ntlisa lebaleng le ka ntle ’me a mphetisa lipalong tse ’nè tse hukung ea lebala, ’me, bonang! ho ne ho e-na le lebala palong ena e hukung ea lebala, lebala palong eane e hukung ea lebala.
22 Lipalong tse ’nè tse hukung tsa lebala ho ne ho e-na le mabala a manyenyane, a le bolelele ba litsoe tse mashome a mane le bophara ba litsoe tse mashome a mararo. Ka bone ba ’ona hammoho le mehaho e sekhutlong a ne a e-na le litekanyo tse lekanang.
23 Ho ne ho e-na le mokoloko ho a pota-pota, ho a pota-pota ka bone ba ’ona, ’me ho ne ho entsoe libaka tseo ho pheheloang ho tsona+ ka tlas’a mekoloko e a pota-potileng ka hohle.
24 Joale a re ho ’na: “Ana ke matlo a ba phehang, moo basebeletsi ba Ntlo ba phehelang sehlabelo sa sechaba teng.”+