Ezekiele 19:1-14
19 “Ha e le uena, bina koli-ea-malla+ malebana le marenana a Iseraele,+
2 ’me u tla re, ‘’M’ao e ne e le eng? Tauhali har’a litau.+ O bothile har’a litaoana tse moetse. O hōlisitse malinyane a hae.
3 “‘Butle-butle a hōlisa le leng la malinyane a hae.+ La fetoha taoana e moetse, ’me la qala ho ithuta ho rusolla phofu.+ La harola esita le motho oa lefatše.
4 Lichaba tsa ’na tsa utloela ka eena. A tšoasoa sekoting sa tsona, eaba li mo tlisa naheng ea Egepeta ka lihakisi.+
5 “‘Ha a bona hore o se a letile le hore tšepo ea hae e felile, joale a nka le leng la malinyane a hae.+ A le beha e le taoana e moetse.
6 La qala ho tsamaea har’a litau. La fetoha taoana e moetse. Butle-butle la ithuta tsela ea ho rusolla phofu.+ La harola esita le motho oa lefatše.+
7 A tseba litora tsa hae tsa bolulo, eaba o ripitla esita le metse ea bona,+ hoo naha e ileng ea e-ba lesupi ’me a e tlatsa ka molumo oa ho puruma ha hae.+
8 Lichaba ho pota-pota ka hohle liprofinseng tsa qala ho beha+ ’me tsa ala letlooa la tsona holim ’a hae.+ A tšoasoa sekoting sa tsona.+
9 Qetellong tsa mo kenya ka ntloaneng ea letanta ka lihakisi eaba li mo isa ho morena oa Babylona.+ Tsa mo tlisa ka matlooa a ho tsoma, e le hore lentsoe la hae le se ke la hlola le utluoa lithabeng tsa Iseraele.+
10 “‘’M’ao+ o ne a le joaloka sefate sa morara maling a hao,+ se jetsoeng haufi le metsi. O ile a fetoha ea behang litholoana le ea tletseng makala ka lebaka la metsi a mangata.+
11 A fetoha melamu ea hae e matla, e etselitsoeng hore e be mare a borena a babusi.+ Butle-butle bophahamo ba sona ba e-ba bolelele har’a makala, eaba sea bonahala ka lebaka la bolelele ba sona, ka lebaka la bongata ba makhasi a sona.+
12 Empa qetellong a fotholoa ka khalefo.+ A lahleloa lefatšeng, ’me moea oa bochabela oa omisa litholoana tsa hae.+ Lere la hae le matla la rojoa ’me la omella.+ Mollo oa le chesa.+
13 Joale o lenngoe lefeelleng,+ naheng e se nang metsi le e nyoriloeng.+
14 Mollo oa tsoa lereng la hae.+ Oa chesa letlōbō la hae, litholoana tsa hae, ’me ha aa ka a ba le lere le matla, ha aa ka a ba le lere la borena la ho busa.+
“‘Eo ke koli-ea-malla, ’me e tla fetoha koli-ea-malla.’”+